Semillion

© Glenneis Kriel

Tlhaloso

Ke veine e tshweu ke mofuta o jetsweng dibakeng tse ngata tse hlahisang veine lefatsheng.

Tlhaho

Semillion e ne ele enngwe ya mefuta e menyane e tswang borwa Bophirima ba Fora ho ya Afrika Borwa ke French Huguenots ka dilemo tsa bo 1690. Kajeno e ntse e bonwa jwalo ka e nngwe ya mefuta e bohlokwa e mesweu e hlahisitsweng Bordeaux.

Mabitso a Mang

E tsebahala jwalo ka Hunter Riesling naheng ya Australia, Blanc doux, Colombier and Malaga France, le morara o motala Afrika Borwa. E ile ya bitswa Morara Afrika Borwa k abo 1820, hobane e ne e emetse persente e kgolo ya karolo ekgolo e neng e sa hlahise ka nako eo.

Tlhahiso Afrika Borwa

E ne e ikarabella ka dipersente tse fetang 90 tsa sebaka seneng se sa hlahise veine dilemong tsa bo 1820, empa ya seke ya ratwa ho latela sewa se sentseng dirapa tse ngata tsa morara dilemong tsa 1880 le tsebahatso ya mokgwa KWV dilemong tsa bo1950.

Ka 1995 Semillon e ile ya ema ka tlasa 1% ya kakaretso ya temo naheng. Tshetso e bonahetse e phahama, empa sena ha se ya fihlella boemo ba bohlokwa bat emo.

Tlhaho ya Sehlahiswa

Olifants River, Swartland, Klein Karoo, Paarl, Robertson, Stellenbosch, Worcester, Breedekloof le Cape South Coast.

Kgolo

E hola hatle ka ho lekana mobung onang le matla, ka kgatello ya boholo ba dihectara tse 10-15. E hodisa feie e tala ya klasiki, eo Afrika Borwa e amahanngwang le di veine tsa theko e hodimo, ha e lengwa matswapong a phodileng a hlahelletseng moyeng o phodileng borwa bophirima.

Ho Butswa

E butswa qalong ya sehla se mahareng.

Menokotshwai

Menokotshwai e kgidikwe ho ya motopong ha nyane mme e itekanetse. Di nale mmala o motala bo bosehla. Letlalo le lesesane le bonolo. Nama e ya bonaletsa, bonolo le lero. Ha le hodile ka ho phethahala e ba le tatso ya jwang.

Makgasi

Lekgasi ha le hodile ka ho phethahala le ba boholo bo lekaneng. Kgidikwe, ka marete a manyane a mahlano. Makala a qala ka mmala o botala bokganyang, ha a se a hodile ka ho phethahala a botala bo tebileng.

Disenyi le Mafu

Mofuta ona o ratwa ke hlobo le ho bola, haholo ha di hlahisitswe mobung o nonneng, empa ha o kenwe ke ditwatsi. Di tshaba moya mme di senyeha ka pele sehleng sa kgolo.

Tshebediso

Semillon e ka sebediswa ele mofuta o le mong kapa e tswakuwe. E sebediswa hangata le Sauvignon blanch o etsa setlabolane sa motswako wa Bordeaux kapa mefuta e meng e mesweu, haholo e tsebahalng jwalo ka Chardonnay. E hlaloswa e le lempetje ka lebaka la bokgoni ba ho nahana ditatso tse nagta tse fapaneng.

Veine

Tatso e tla itshetleha maemong a lehodimo, nako eo menokotshwai e nkuweng ka yona, tshebetso ya tlhaho le hore na morara ha wa bola. Sele e fumanehang Afrika Borwa e nale jwang bo tsebahalang kapa tatso ya feie e tala. Ke e nngwe ya mefuta e menyane e kgonang ho sengwa tatso nakong ya tshireletso. Ho bulela ha tshireletso ka mora ho behwa hwa tholwana, mme e etsa ditlamorao tsa tatso e latswehang ha tse sireleditsweng di etsa tatso ya jwang.

Translated by Sebongile Sonopo