Sebopeho sa Dipolotiki sa Bapedi

© Dr Peter Magubane

Bolaodi ba Bapedi

Bapedi ba kile ba busa boholo ba sebaka se potapotuweng ke dinoka tsa Limpopo, Lekoa le Komati, matla a bona a ne a le bohareng ba sebaka seo kajeno se bitswang Ha-Sekhukhune, bohareng ba sebaka se pakeng tsa dinoka tsa Olifants le Steelpoort. Le hoja merabe e nyane e ne e bonahala e kgotsofalletse boipuso, ditsamaiso tsa setjhaba ne ntse di bolokile bolaodi ba Bapedi. Taba e ka sehloohong e ne le ya hore Bapedi ba ne ba tsitlallela hore marenana a tlose mafumahadi a bona lesikeng la borena. 

Meloko ka meloko, sena se ile sa iphetola ho ba tsamaiso eo mora ebile e le mojalefa wa morena ya ka sehloohong a neng a qobellwa ho nyala motswal’ae, le ho ntsha bohadi bo ekeditsweng ho ba Maroteng bakeng la monyetla ona. Kahoo, babusi le marena a Bapedi ba ne tlangwa ke dikamano tse hlokang tekatekano. Hodima bohadi boo, marenana a ne a lebeletswe ho lebisa hlompho ya bona ho morena e moholo ka mekgwa e meng hape, le ho dula ba mo hlaba malotsana ka diketsahalo tsohle tsa bohlokwa, jwaloka ho thehwa ha mephato. 

Ka kgopolo feela, lekgotla la morena e moholo e ne e le se seng sa dibaka tsa boipiletso ho batho ba tlase empa ka tlwaelo, bolaodi ba yona bo ne bo fella ditabeng tsa sepolotiki, jwaloka dikamano pakeng tsa dihlopha tse itseng, dikgohlang tsa meedi le bohlahlami boreneng. Puisano pakeng tsa morena e moholo le marenana di ne di ba teng ka mokgwa wa matona.

Translated by Maletsatsi Sejake