Pyjama Flower
Kgukwanaenyenyane

Lebitso

Kgukwanaenyenyane

Lebitso la Selatin

Androcymbium melanthioides

Tjhadimeho

Kgukwanaenyenyabe ke setlama se holing selemo sohle; motso ke kotola e nyenyane ho fihlela bolelele ba molahare wa disenitmetara tse 1,5. Ho hlaha mahlaku a mararo bokahodimong ba mobu ka mahlakupalesa a mahalno kapa a tsheletseng a perese kapa masweu, ka mereto e metala, a kwahelang hloho ya dipalesa tse tsheletseng.

Palesa e bonahala ka pele, ebile e bonwa e le hole, ho tshwana le mokgabebe o haufi le lefatshe. Tjalo ena e thunya Phupu ho ya ho Loetse.

Lehae

Kgukwanaenyenyane e hola ka ditsiba hodima bakeng tse majwe kapa masabasabaneng.

Dinoutu tsa naheng

Kgukwanaenyenyane e tsjwa ka Senyesemane e le “Little-men-in-a-boat” ka baka la botlalo ba palesa ya teng.

Kgukwananenyenyane e teng Aforika Borwa ka Kapa Bophirima le Kapa Bootjhabela, KwaZulu-Natal le Foreisetata ebile le Namibia, Botswana, Zambia le Zimbabwe.