Poloko ya Kgatiso Polasing

© Chris Daly

Boholo ba balemi ba iphapanya ho boloka direkoto ba re e ba seneyetsa nako. Le ha hoeljwalo, ke mosebetse o hlokolosi bakeng sa bo ba molemi ya hlwahlwa.

Dibanka, mekgatlo ya mmuso le bafani ba babang ba ditjhelete ba hloka di rekoto tseo pele baka etsa kadimo ya ditjhelete. Ha ke eketsa , poloko e nepahetse ya dikgatiso ho tla thusa molemi ho etsa moralo o motle le etsa dipalopalo tse nepahetseng.

Ho boloka dikgatiso bakeng sa dipula le maemo a pula a fapaneng a ka thusa balemi ho bona maemo a lehodimo bakeng sa nako ya temo e latelang. Hoba le kgatiso ya ditshenyehelo ho tla thusa rala ditjhelete.

Ho boloka tekanyetso ya ho leme peo e rekuweng nakong eo ya selemo ho ka thusa molemi ho kgetha peo e molemo bakeng sa nako e latelang ya selemo. Molemong wa diphoofolo, ho tlaba le poloko ya tse fitileng, mafu le dikokwana, mokgwa ya phepo le tshebediso. Sena se ka thusa ho thibela tswallano, ho tshwaro e nepahetseng ya dikokwana le mafu le ho fana ka phepo ya sebele kgodisong e phahameng.

Kgatiso ya Polasi ke Eng?

Dikgatiso tsa balemi ha nagata di kenyeleditse ditokomane tse kang tlhabollo ya mmele, ho fokotseha, diresiti le ditshenyeho, poloko ya mosebetsi, dintlha tsa metjhini, poloko ya tlhahiso le tse ding.

O Qala Jwang Poloko ya Kgatiso

Poloko ya dikgatiso ya balemi e lokela ho kenyeletsa tlhaboloho, tekanyetso ya thepa (le ho theoha ha yona) le kgatiso ya akhaonto. Netefaletso ke eeng kapa eng e nang le boleng bo ka fetolelwang tjheleteng.

Tlhatlhobo 

Etsa letoto; a dintho tsohle tseo e leng netefaletso polasing le boleng ka diranta. Mohlala wa dinetefaletso ke ntho tse kang lefatshe, moaho, metjhini e polasing, serapa se kotutsweng tshimong le diphoofolo.

Tlhatlhobo ya thepa

Mohato wa bobedi polokong ya dikgatiso ke tekanyetso ya dinetefaletso - ho isa diranteng. Mokgwa o sebediswang ho etsa tekanyetso ya netefaletso e etswa ho ya ka tlhaho le morero wa dinetefaletso, empa etsa bonnete ba hore o sebedisa mokgwa o le mong wa tekanyetso selemo le selemo.

Dikgatiso tsa akhaonto

Lekeno lohle le ditshenyehelo tsa polasi di lokela ho hatiswa.

Methods Mokgwa wa ho Hlahloba Thepa

Moekgwa ya etsa tekanyetso ya dinetefaletso tsa polasi tse sebediswang ka kakaretso ke:

Boleng ba thekiso

Dinetefaletso di etsetswa boleng ho ya ka theko e thekisong. E sebediswa hop lekanya thepa le dimela.

Ditjeo

Mokgwa ona sebedisa theko ya tlhaho ya dinetefaletso mme e sebetsa hantle bakeng phanong ya mafura le dijo tse sa tswa rekwa ebile e ntse e na le selipi sa theko. 
Thepa e lahlehelwang ke boleng ka mora nako jwalo ka disebediswa dishejwa boleng ka tsela e fapaneng.

Ditjeo tse tlase kapa theko ya thekiso

Mokgwa ona o onka boleng ba thepa ka bobedi ka tefo ya tlhaho le ya thekiso. Boleng bo tlase ke bona bo kgethwang.

Ditjeo tsa tlhahiso ya polasing

Mokgwa ona o sebediswa semeleng se jetsweng empa se so kotulwe.

Ditjheo, ho theoha

Mokgwa ona o sebediswa bakeng sa dintho tse sebedisitsweng nakong ya tlhahiso, empa e be e lahlehelwa ke boleng tsamayong ya nako jwalo ka metjhini. Boleng ba yona bo theolwa ke tjhelete e theohang ka selemo seo.

Ho Theoha ke Eng

Poloko ya dikgatiso polasing e lokela ho boloka kgatiso ya ho theoha ha donetefaletso. Ho theoha ho bolela ho theoha ha boleng ba thepa e jwalo ka dikoloi, metjhini le disebediswa.

Ho lahlehelwa ke boleng ke ka lebaka la dilemo, tse seng di sa sebediswe. Ho theoha ha se ditjeo tsa tjhelete e tshwarehang empa ho theoha ha boleng ba thepa e ntshitsweng tshebetsong bophelo bohle.

Dikgatiso tsa Akhaonto

Bakeng sa poloko e nepahetseng ya polasi, ho hlokolosi ho boloka kgatiso ya lekeno lohle le ditshenyehelo polasing. Boloka direkoto ka bonngwe rekotong ya lekeno le ditshenyehelo tsa khwebo ka nngwe polasing. Mohlala, boloka, boloka dikgatiso tsa poone le ditapole di arohane.

Tsamaiso ya ho boloka dikgatiso e hloka ho bala lekeno la polasi bakeng sa ditjhelete tsa selemo, ho hlahloba phallo ya tjhelete, ho etsa moralo bakeng sa bokamoso le boloka dikgatiso tsa tlhahiso e nngwe le e nngwe ho etsa bonnete ba hore e hlahisitswe ka katleho ya ditshenyehelo.

Mehlosi ho tswa kgatisong ya akhaonto e ka ba e kenyeletsang:
Khatiso ya banka.
Buka e hlahobang tjhelete - ho kenyeletsa le diresiti mme ho patala ho teng.
Tjhelete e nyane - ke tjhelete be hutsweng feela e teng bukeng ena.
Buka ya moputso - e bontsha moputso o patetsweng, dikoloto le tse patetsweng hape.
Buka ya tjhelete e keneng - diresiti tsa tjhelete yohle e lokela ho hatiswa mona.
Netefaletso ya moputso, divaotjhara tsa sekoloto le dilipi tse rekeileng, rekoto, diresiti tse patalang le selipi tsa ho romela.

Kgatiso ya Ditjhelete le Poloko ya Kgatiso

Dikgatiso tsa polasing di sebediswa ho aha raporoto ya banka ya ditjhelete. Raporoto ya tjhelete e kenyeletsa tekanyo, raproto ya lekeno le phallo ya tjhelete.

Tekanyo ya raporoto e bontsha hore polasi e kolota le sekoloto sa molemi  mmoho le ho fana ka pono kakaretso ya maemo a ditjhelete tsa polasi ka nako eo.

Dikgatiso tsa banka di bontsha ditshenyeho le lekeno hotswa tekanyong e le nngwe ho ya ho e nngwe.

Dikgatiso tsa banka di bontsha phallo ya tjhelete hotswa le ho kena polasing.

Translated by Sebongile Sonopo