Pokello ya Metsi a Pula Marulelong

© Iz Oztat

Pokelletso ya metsi a pula marulelong bakeng sa ho a sebedisa ka tlung le diratswaneng, ke ntho e tlwaelehileng haholo ho haola le naha ya Afrika Borwa - dibakeng tsa mahae mme e ata le ditoropong. Sena se bolela hore ha pula e na, metsi a ka kgelellwa ebe a sebediswa ka nako ya komello.

Ho kgelella metsi a pula ho fokotsa tlwaelo ya ho itshetleha phepelong ya metsing a masepala le metsing a matamo. Hape ho thusa ho boloka metsi, ho fokotsa morwallo le kgoholeho ya mobu hape le ho theola mokitlane wa metsi a masepala. Hodima moo, metsi a pula a hlwekile mme ha a na meriana e bolayang dikokonyana le dik’hemik’hale.

O Kgelella Metsi a Pula Jwang?

Metsi a pula a ka kgelellwa kae kapa kae moo ho nang le marulelo-ntlong, ditaleng tsa dipere, lephepheng la koloi j.j. Setshelo kapa letangwana le a hlokwa ho boloka metsi mme le dipeipi di a hlokeha ho laola metsi ho tloha marulelong ho ya setshelong. Ditshelo tsena e ka ba matangwana a maholo a ditene, ya ba meqomo le nkgo ya plastiki. Ha marulelo a le maholo, le setshelo se tla lokela ho ba seholo jwalo.

Dipeipi tse boemo bo loketseng mosebetsi ona, ke tse kgonang ho emela mahlasedi a kotsi a letsatsi tse tshwanang le ISI HDPE le PVC.

Sebaka seo metsi a kgaotsang le ho qhalehela teng, ho lokela ho ba le letlowa la terata ho thibela mahlaku le dintho tse ding ho wela kahara setshelo.

Ho kgothaletswa tshebediso ya sesebediswa se sefang metsi. Ke sesebediswa se qobisang metsi a pele a pula a ditshila a tswang marulelong ho kena ka setshelong. Metsi a pele a pula a tswang marulelong, e ka nna yaba a silafaditswe ke mafome, lerole, mantle a dinonyana le dik’hemik’hale. Sesebediswa sena se tla ntlafatsa boleng ba metsi a nowang, a fokotse ho jeha ha dipeipi tsa metsi hammoho le ho fokotsa seretse kahara ditshelo. Tataiso e akaretsang e eletsa hore disebediswa tsena di lokela ho fetisa metsi a dilitara tse 40 sebakeng seo metsi a fetang ho sona sa boholo ba 100 m2. Dibakeng tse lerole kapa metseng ya ditoropo, ho ka hlokeha sesebediswa sena se be seholwanyane.

Tlhokomelo ya Ditshelo tsa Pokello ya Metsi a Pula

©JoJo Tanks

Metjha ya metsi le marulelo di lokela hore di dule di hlahlojwa mme di hlwekile ebile di se na lerole, mahlaku, mantle a diphoofolo kapa a dinonyana, diphoofolo tse shweleng, dikokonyana le dikhemikhale. Ha metjha ya metsi le marulelo di hlwekile, ho bolela hore le metsi a tla hlweka.

Hlwekisa disefe tse kahara dipeipi kapa tse molomong wa setshelo. Lekola setshelo bakeng sa seretse bonyane dilemo tse ding le tse ding tse pedi ho ya ho tse tharo. Se ntshe ka ho sebedisa peipi ho se tsokotsa ho tswa setshelong kapa ka ho qhala tsohle tse kahara setshelo. Ho bokellana ha seretse ke letshwao le supang hore marulelo le metjha ya metsi di ditshila. Tlosa ditshila tse bokellaneng ka hodima setshelo.

Translated by Maletsatsi Sejake