Petit Verdot

© Glenneis Kriel

Tlhaloso

Petit Verdot ke morara o motsho, ka botjhaba e sebediswa e le mokgwa wa motswako wa Bordeaux. Lebitso la yona le bolele “e monyane e motala” naheng ya France, e leng mathata a menokotshwai e sa holeng maemong a phodileng a lehodimo.
Tswalo ya tsona ha e tsebahale hantle, empa ho belaelwa hore e kanna yaba e hlahile mehleng ya kgale ya ya mofuta wa Albanian, Balisca, kapa e hlahile ho tswa phetohong dipakeng tsa mefuta ya difate tsa merara.

Tlhaho

Tlhao ya mofuta ona ha e tsebahale, empa mofuta ona o bonahala o hlahisitswe Bordeaux ka borwa Bophirima ba France nako e fetang ya Cabernet Sauvignon. Mofuta ona o kile wa hlwauwa o le bohlokwa ho feta Cabernet Sauvignon naheng ya Bordeaux, empa setumo sa yona se ile sa fela ka lebaka la bothata bah o butswa le mathata a tlhahiso. Ho phatlalatswa ha ditaba tse seng monate tsa phylloxera di bile ka bo 1800 le lehlwa ka 1956, di entse tlhahiso e e theohe mofuteng ona France.

Mabitso a Mang

Mabitso a kenyeletsa Petit Verdau, Petit Verdot noir, Verdau, Bonton Blanc, Bouton, Carmelin, Heran, Lambrusquet noir, Verdot le Plant de Palus.

Tlhahiso Afrika Borwa

Welgemeend Wine Estate ho bonahala e ka ke polasi ya pele e jetseng Petit Verdot ka 1975. Sebaka se sa hlahiseng hantle Afrika Borwa se ile sa nyoloha, hwa latela tshepiso e kgolo ya tsamaiswa hwa disele tsa bong ho tswa France ka 1990.

Sebaka sa Tlhahiso

Temo ya Petit Verdot e ile ya phahama haholo ho tlowa ka bo 1990, ka kgolo ho Afriak Borwa e fihlang haufi le 750ha ya mofuta ona ka 2016. Mofuta ona o jalwa dibakeng tsohle tsa tlhahiso ka hara naha, Stellebosch e nale sebaka se seholo se ka tlasa tlhahiso, ho latele Paarl le Robertson.

Kgolo

Mofuta ona o hola ka matla tlwaelo yah o kgasa. E nale kgoneho ya kgolo e kgolo, e dipakeng tsa 20-28 t/ha.

Ho Butswa

Merara e butswa qetellong ya sehla, ho tlowa qetellong ya Hlakola hoy a mahareng a Tlhakubele.

Menokotshwai

Menokotshwai e menyane, e kgidikwe, letlalo le lesesane le ba bolou bo botsho ha e butswitswe. Maemong a lehodimo a sa e rateng e hlahisa morara o senang peo.

Makgasi

Makgasi a itekanetse hoy a boholong, mmala o botala bo tebileng, sebopeho se motopo le marete a mahlano.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

Mofuta ona o rata hlobo le phofo. E hloka kganya e ngata bakeng sa ho butswa le kgolo ya mmala.

Tshebediswa

Boholo ba mofuta ikemetseng wa Petit Verdot o hlahiswa Afrika Borwa, mme e hola haholo dilemong tse fitileng. E ne e sebediswa ho etsa mokgwa wa motswako wa Bordeaux, Cabernet Sauvignon, Merlot, Cabernet Franc kapa Malbec.

Tatso

Mefuta ona o hlahisa menokotshwai le tatso ya matokomane. Sefate se hlahisa tatso ya tholwana maemong a lehodimo a phahameng ka Hlakola. Veine e lefifi ka reme perese bo botsho.

Translated by Sebongile Sonopo