Oli Ya Mmoane

Oli ya mmoane e ka tlhotlwa dikarolong tse fapaneng tsa semela sa mmoane mme e ka sebediswa dijong, botleng, merianeng le difemeng.

©Marinda Louw

Oli Ya Mmoane e Bapiswa Le Oli Ya Mmoane Ya CBD

Peo ya Cannabis sativa (mmoane) e sebediswa lefatsheng ka bophara ka lebaka la dikateng tsa teng tse phahameng tsa dimatlafatsi mme melao e thata e a sebediswa ho lekanyetsa bongata ba THC e tayang kelello. Canada, tekanyetso ena ke 10 ppm gramo kanngwe ya peo ya mmoane mme dinaheng tse ding jwaloka Afrika Borwa di latela tataiso e ntse e batla e tshwana le eo bakeng sa boemo ba THC ho mmoane. USA e dumella 0.3% ya THC dihlahisweng tsa mmoane.

Oli ya peo ya mmoane e nkwa dipeong mme e ka ba le mehlala e menyane ya di-phytocannabinoid tse kang CBD. Oli ya peo ya mmoane e tlhotlwa ka mokgwa o batang ho fana ka oli e jehang e tala ka tatso e kang ya matokomane a walnut kapa peo ya sonoblomo. 

Oli e ruile ka esiti e mafura e polyunsaturated hammoho le vithamin E. Ditekanyetso tsa omega-6 le omega-9 oling ya peo ya mmoane ke pakeng tsa 2:1 le 3:1 e lekanetseng bophelo ba motho. 

Oli ya peo ya mmoane e tlhotlilweng e nang le CBD e entswe ka dipalesa, dithupa le mahlaku a semela sa mmoane. Dikarolo tsena tsa semela di na le phytocannabinoids tseo CBD e leng yona ya bohlokwa ka ho fetisisa. CBD e tumme ka phytocannabinoid e sa ameng kelello, feela e le yona feela e teng ya di-cannabinoid tse fumanehang ho mmoane.

Sepheo se ka sehloohong sa ho sebedisa oli ya mmoane e nang le CBD ke ho kgutlisetsa botsitso ba dik’hemik’hale mmeleng ka ho kgothaletsa tsamaiso ya endocannabinoid ya motho. Melemo ya oli ya CBD ha e bakwe feela ke CB empa e ntlafatswa le ho feta ke tshebedisano ya di-cannabinoid tse teng oling jwaloka terpenes le phytochemical tse ding. Sephetho sena se kopaneng, se matla ho feta sephetho sa CBD e le inotshi, se tsejwa e le sa ‘bofelehetsi’.

Tshebediso Ya Oli Ya Mmoane

Oli ya peo ya mmoane e bobebe haholo ho ka sebediswa le motjheso hobane sena se tla senya melemo ya esiti e mafura empa e loketse ho ka sebediswa ho mayoneisi, pesto kapa ho nyanyatsa dijong. Oli ya mmoane e molemo ha e bolokwa moo ho phodileng, mme hang ha e se e butswe, e tshwanelwa ho sebediswa dikgweding tse tharo.

E sebediswa dihlahisweng tsa letlalo, oli ya peo ya mmoane e na le di-antioxidant mme e matla ka ho fokotsa ho ruruha ka ho thusa ho phekola diso sefahlehong, bothata ba letlalo ba eczema le ba psoriasis. E loketse letlalo le utlwang bohloko habonolo. Dithuto tsa Finland di bontshitse ntlafalo ho eczema le ho matlafala ha manala le moriri ho bakudi ba sebedisitseng oli ya peo ya mmoane letsatsi le letsatsi. 

Ho tlhotlwa kgetlo la bobedi ka motjheso ho ntsha oli e sootho ka mmala. Oli ena e ka sebediswa penteng e bonaletsang, e le oli e omisang kahara pente ebile e le oli ya lebone. Fluru ya plastiki e kang linoleum le mafura a diesel a seng kotsi a entswe ka oli ya peo ya mmoane. 

Oli ya CBD ya mmoane (e nkuweng mahlakung, dipaleseng le dithupeng) e ka sebediswa bakeng sa maemo a fapaneng, ho kenyeletswa tlhokomelo ya letlalo le ho phekola mafu a mmalwa. 

Bopaki bo matla ba saense bakeng sa tshebediso ya oli ya mmoane ya CBD ke ho phekola lefu la sethathwa baneng. CBD e sebetsana hape le bothata ba ho tshwenyeha ho tlola tekanyo le ho hlobaela hammoho le mahlaba a sa foleng a bakwang ke ho ruruha. 

Oli ya CBD e kenyeletswa dihlahisweng tse kang dipompong tse bonolo, dipompong tsa thupana, dijo tsa nakwana tsa diphoofolo tsa hae le marothodi, oli e tsujwang ka phofudi, metswakong e loyisitsweng le dinyanyatsi tsa lehano. 

Dipatlisiso tse entsweng ke University of Nottingham di phethetse ka hore dijo tse ding tse nang le esiti e mafura e hodimo di ka eketsa ho fumaneha ha CBD oling ya peo ya mmoane. Kokonate, mohlwaare, dinawa tsa soy le oli ya sesame, hammoho le hlapi, nama, avocado le mahe, di tla dumella mmele wa motho ho monya CBD e eketsehileng.

Translated by Maletsatsi Sejake