Crocodiles
Kwena

© Roger de la Harpe

Lebitso

Kwena (Nile Crocodile)

Tjhebahalo

Haholo phapano e etsahala ho tswella mefuteng e fapaneng ya dikwena. Ka kakaretso ke koena kgolo e bolelele ba dimitara tse 5, empa tlaleho e supa ha e ka fihla ho dimitara tse 6 feela ha ho a tlwaeleha. Ho nale tlaleho e belaetsang e reng di ka fihla ho dimitarang tse 7 empa ha ho bonolo ho bontsha. Ho nale bopaki bo bontshang hore dinaheng tse phodileng ha e hola e ba dimitara tse 4. Ho nale tse tsebahang haholo tse pedi dikoeana tse sa holeng tse phelang mmeding e feteletseng, mme di fapa fapane, Mali le mahwatateng a Sahara. Ka baka la maemo a tlaase, tse kgolo di fihla boholong ba dimitara tse 2-3. Tse ntseng di hola di di mmala o sootho ba sefate sa mohlware ka lebanta le letsho le tsamyang ho arola mohatla le mmele. Lebanta le ya fela ha e ntse e hola.

Dijo

Le ha tse ntseng di hola di lekanyeditswe ho ja diphoofolo tse nyane tsa metsing, le dikokonyana, ka pele di fetala ho ja tse kgolo jwalo ka tlhapi, dihahabi le mekgodutswane. Tse kgolo di phofotsana tse kgolo jwalo ka matsa, nare, kubu tse nyane le katse tse kgolo. E rata haholo ditlapi le diphoofolo tse nang le lesapo la mokokotlo, di tsebahala ka ho ja batho mme ho bontsha e jele batho ba bangata hofeta dikwena tse ding. Hammoho le dikubu le ditau, dikwena di ballwa ho bolaya batho ba fetang makgolo, emapa ho tahata ho fumana dipalopalo. Kwena ya nile e hangata e ja ditopo, mmoho le diphoofolo tse ding tse itseng, kaofela ha tsona di bonahala di kgona ho mamella boteng ba tse ding.
Diphofu tsa diphoofolo di fumanwe di ka tlasa metsi le majwe, ho boleleng hore dikwena di boloka diphofu tseo e sa di batleng sebakeng sena hofihlela nako e itseng. Tse ding di bolelela ha hole bohlokwa hore phofu e senyehe pele kwena e tabolaka nama ka dikarolo, empa ha e kgolwehe. Nama e ba bonolo haeba phofu e dula metsing ka mora ho shwa, empa kwena ha e rate nama e bodileng. Ha di ja e nngwe le e nngwe e itshwarela setopo ka meno a tsona a mehlare a tiileng ha e ntse e tsurula mmele wa yona. Sehlopha sa dikwena se tla tsamaya di ye naheng ho lo tsoma dimitareng tse kang lekgolo hotswa metsing. Tse kgolo di tshwasa ditlhapi di sebedisa mmele wa tsona le mohatla e di suthumeletsa nqa ya lebopo moo e tla di hlwibila teng.

Tswalo

Di tjheka mekoti ya sehlaha ho fihla disentimitara tse 50 lehlabatheng, dimitara tse itseng ho tlowa mobung. Sena se kaba haufi le sehlaha. Nako yah o behela e ya ka boitshwaro bo fapaneng ba sebaka, e etsahala sehleng se ommeng sa selemo Leboya, Borwa sehleng sa pula, hangata ho tlowa Pudungwane ho isa qetellong ya Tshitwe. Tse tshehadi di hola bakeng sa thobalano ha e le dimitara tse 2.6, tse tona ha dimitara tse 3.1. Tse tshehadi di behela mahe a 40-60 sehlaheng, le ha nomoro ena e fapana ho ya bongata. Tse tshehadi di dula sehlaheng ka nako tsohle. Poloko e nka matsatsi a 80-90 ka mora moo e tshehadi e tla nka madinyane e a ise metsing.
Tse tona le tse tshehadi di thusana ho qotsa mahe, mme e thuba ka leleme le ka mahalapa a ka hodimo. Madinyane a dula haufi le tse ntseng di hola hofihlela dilemong tse pedi ka mora ho hlaha, etsa sehlopha sa bana le tse tshehadi. Jwalo ka dikwena tse ngata, tse ntseng di hola di arohana le tse tsofetseng, di rata sebaka sa tsona. Ntle le ho fadimeha ha ha e tshehadi nakong ya poloko, dihlaha tse ngata di hlaselwa ke diphoofolo tse fapaneng, ho tlowa ho phiri, mokgodutswane le batho. Tlhaselo ena e etsahala hangta ha e tshehadi e qobelletswe h oho siya sehleha nakwana ele ho laola motjheso ka ho kena metsing.

Boitshwaro

Koena ya nile e nyatseha haholo, le ha hona le dikarolo tse ding tse utlwisisang. Ho bonahetse hore boitshwaro ba tsona ho tse ding di nale tshusumetso ho tsona ka ho ja ka katleho, le ka ho sebe le tshusumetso ya hore di se je haholo maemong ao di tlo kopanag le tse ding, di nale matla ka bomong.

Moo di fumanehang

South Afrika, Botswana, Egypy, Ivory Coast, Kenya, Madagascar, Mozambique, Namibia, Somalia, Swaziland, Zambia le Zimbabwe.

Lebitso la Selatini

Crocodylus niloticus
Tse sa lemoheheng: C.n africanus (Kwena ya nile ya Afrika ya Botjhabela ), C.n. chamses, (kwena ya nile ya Bphirima), C.n. corviei (Kwena y anile ya Afrika Borwa), C.n. madagascariensis (Kwena y anile ya Madagascar), C.n. pauciscutatus (Kwena ya nile Kenya), C.n. suchus (Kwena y anile ya bohareng ba Afrika).