Mourvèdre

Tlhahiso

©Glenneis Kriel
Mourvedre morara wa veine o lefifi ka mmala o sebedisetswang ho hlahisa veine e kgubedu. Diteko di manolla hore mofuta ona o tsebahala ka Mataro, Monastrell le Mourvedre mme ntho e le nngwe. Mofuta ona kajeno o tsebahala ka lebitso la Sefora Mourvedre. Setswadi sa ona ha se tsebahale.

Tlhaho

Mourvedre e qadile Spain, ke maFrench a entseng hore veine ena e tume ka metswako ya bona ya maemo ya Rhone. Mofuta ona jwalo ka e meng e bonahala e nkile lebitso lena ho tswa dibakeng tseo e qadileng ho tsona, jwalo ka Spain toropo ke Mataro haufi le Barcelona le Murviedro haufi le Valencia.
Mofuta ona o ile wa namela France disentjhuring tsa bo 16 mme ya tuma haholo motseng wa Rhone, hofihlela phylloxera epidemic e hasa ditaba tse seng monate ka dilemo tse bohareng. Diveine tse ngata di ile tsa nkelwa sebaka ke Grenache, eo ka nako e oho neng ho le bobebe ho faola metso e teng ya phylloxera.
Mourvedre ya tswelapele ho hola Bandol, sebakeng sa Borwa ba motse Rhone e fanang ka phlloxera e sa ratweng hantle ka lebaka la mobu lehlabathe.

Mabitso a Mang

Mofuta o tsebahala hape ka Mataro, Balzac noir, Dama noir, Trichiera le Monastrell.

Tlhahiso Afrika Borwa

Mofuta ona o bonahala o fihlile Afrka Borwa qetellong ya di 80, empa ntsheditswe pele ke moprofesa Abraham Izak Perold ho tlowa ka 1920 ka lebaka la bokgoni bah o hlahisa veine ya boleng e kgonang ho emela moemo a lehodimo a futhumetseng.

Sebaka sa Tlhahiso

Sebaka se ka tlasa tlhahiso Mourvedre se phahame ho tlowa 1990, ha rapolasi a qala ho jala mofuta o mongata wa Mediterranean e ratang le ho amohela maemo a lehodimo a futhumetseng a Afrika Borwa.
Ka 2016 ho ne ho ena le ka hodimo ho 470ha tsa mofuta ona Afrika Borwa, e emelang feela 1% ya nomoro ya kakaretso ya sebaka se k atlas tlhahiso ya veine e kgubedu. Mofuta ona o jalwa dibakeng tsohle tsa tlhahiso, ntle le Northern Cape, Swartland le Paarl e leng palo ya kakaretso ya se ka tlasa tlhahiso.

Kgolo

Mofuta ona o hola ka tlasa maemo a futhumetseng a lehodimo. O hola ka matla ka boholo ba bokgone ba 20-23t/ha.

Ho Butswa

O butswa mahareng a sehla, ho tlowa mahareng a qetello ya Tlhakubele.

Menokotshwai

Mofuta ona o hlahisa menokotshwai e meholo, e kgidikwe, e letlalo le nonneng, ka dijo tse tala. Menokotshwai ha e butswe ka ho lekana, e qetella ka dihlopha ka mmala o fapaneng ho tlowa qalong yah o butswa.

Makgasi

Makgasi a matala bo tebileng, a itekanetse, a kgidikwe le marete a mararo.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

Mofuta ona o rata hlobo le hlobo ya phofo.

Tshebediso

Afrika Borwa, Mourvedre e sebedisetswa ho hlahisa veine e ikemetseng le mofuta wa motswako Rhone, mmoho le Grenache le Shiraz.

Tatso

Mofuta ona hlahisa tatso e hlahelletseng ya murubei le monokotshwai o motsho le cinamone, metswako le motso o ritelang jwala.

Translated by Sebongile Sonopo