Molao wa Boitshwaro Letshwao la Afrika Borwa

Seaparo se secha sa Afrika Borwa se entswe ka mekgahlelo e mmedi, e bitswang sebopeho sa majwe a metheo le sebopeho sa ho phahama, ka tlase ke ditekanyetso tsa dipontsho tse kgethilweng tse thusang ho pheta pale ya Afrika Borwa le ho qala ha demokrasi bakeng sa batho bohle ba habo.

Qalo ya Sebopeho Sefeletseng

Lepetjo - le ngotsweng ka puo ya khoisan ya batho ba Xam, ke ke: / xarra // ke, e bolela 'Batho ba fapaneng ba kopane'.. Ka tekanyo ya motho ka mong, e bontsa bonngwe pakeng tsa menahano le diketso tsa motho. Ka kakaretso, e bontsha hore e le sechaba re lokela ho ba ntho e le nngweng hammoho le boikutlo ba ho ba boithati le boikgohomoso ba sechaba.
©Jacques Marais
Ditshiya tsa ditlou - Ditlou di tsebahala ka ho ba le bohlale le matla. Diphahlo, di boetse di emela tekanyo le bosafeleng.
©Tracey Derrick
Ditsebe tsa Koro - Koro e emela tswalo. Ho lema le kgolo ya koro ho tshwantshetsa kgolo le tswelo-pele ya sechaba sa rona ho fihlela bokgoni bo sa lekanyetswang. E boetse e amana le dijo tsa batho mme e emela melemo ya temo e tswang lefatsheng.
©Roger de la Harpe
Tshireletso - E na le mesebetsi e mabedi diaparo, di emela tshireletso ya moya wa sechaba sa rona hape e na le dipalo tse bontshang boitsebahatso ba rona.
©Roger de la Harpe
Ditshwantsho tsa Batho - Dipalo tsena di tswa ditshwantshong tse tsebahalang tsa majwe a Afrika Borwa tse fumanehang hodima lejwe la Linton, leo hona jwale le dulang Mosiamong wa Afrika Borwa, Kapa. Jwalokaha baahi ba kgale ka ho fetisisa ba tsejwang naheng ya rona, Khoisan, ke bopaki ba botho ba rona bo tlwaelehileng le lefa jwaloka Maafrika, Afrika Borwa. Dipalo tse setshwantshong di bontsha ketsong ya ho dumedisana, sena se tshwantshetsa bonngwe. Di boetse di emela leeto la motho ka mong bakeng sa phetoho ho ba moelelo o moholo wa ho ba wa sechaba le ka ho eketsa, botho bo kopaneng.
©Roger de la Harpe
Lerumo le konopo - Tsena di tshwantshetsa tshireletso le bolaodi, di boetse di emela maoto a matla a nonyana ya mongodi. Jwalokaha lerumo le marang-rang di robetse, e tshwantshetsa kgotso.

Hotheoha Ha Sebopeho Se Motopo

©Nigel Dennis
Protea - E bontshwa e le pontsho e emelang botle ba naha ya rona, le palesa e emelang bokgoni ba rona e le sechaba ho phehella ho tsosoloswa ha Afrika. E boetse e tshwantsha kgolo ho tswa lefatseng le ho hodisa ho tswa hodimo, ho bontsha ho kopanngwa ho feletseng ha matla. Mebala e tummeng ka ho fetisisa Afrika e abetswe ho protea; botala, kgauta, bofubedu le ba batsho.
©Shem Compion
Nonyana ya bongodi - Seaparo sa Mabotho nyane ya mongodi o bontshwa hore o baleha, a bontsha kgolo le lebelo. Nonyana e matla, eo maoto a yona, a emelwang ke marang-rang le lerumo, a thusa ho tsoma ha dinoha, di tshwantshang sechaba ho sireletsa dira tsohle. Nonyana ke lenqosa la mahodimo, le tshwantshwa mona botumo ba bomodimo. Mapheo a phahamisitsweng ke letshwao la boithati ba sechaba sa rona, ha a ntse a fana ka tshireletso. Nonyana ya mongodi e tshwana ka kgauta, e tshwantshwang ho kopana ha yona le letsatsi le matla a phahameng ka ho fetisisa.
©Shem Compion
Letsatsi le Phahameng - Letsatsi ke pontsho ya kganya, bokgabane le matla. E tshwana le tsebo, kahlolo e ntle, matla, bokgoni ba ho thuisa le tshepiso ya ho tswalwa hape. Ke mohlodi wa bophelo bohle, ba lesedi le ho emela hosefelle ha botho ba ho qetela ba botho Ditho tsohle tsa Seaparo sa Mabothodli kopanya ho etsa dibopeho tse ka tlase le tse ka hodimo tsa maqhubu tse etsang letshwao la bosiu. Ho tloha maqhubung ho ya ho letsatsi le ntseng le phahama, sebopeho se entsweng ke sa lehe la bokahohle leo nonyana ya mongodi e hlahang ho yona. Ka tsela ya tshwantshetso, e bolela ho tsosoloswa ha moya wa sechaba sa rona se seholo le se sebete sa Afrika Borwa.

Translated by Sebongile Sonopo

Nako e Balletsweng ya Etshwao la Naha

MaAfrika Borwa a tlwaelehileng a bile le seabo ditherisanong tsa setjhaba ho etsa le ho qetella moralo wa letshwao la naha ya rona....more

Letshwao le Netjha la Pale ya Afrika Borwa

Ka morao ho dikgetho tsa tsa pele tsa tokoloho tsa 1994, komishene ya letshwao la naha e ile ya nak boikarabelo ba ho botsa setjhaba sa MaAf...more