Mokgwa wa ho etsa Biri ya Matshoho

© Chris Daly
Batho ba Afrika Borwa ba rata biri e monate mme botumo ba biri ya matsoho bo ntse bo phahama ka ho tshwara dihlahiswa tse ngata tsa biri ho sebetsa le batho ba tlwaelehileng ba etsang biri ka lapeng. Dibiri di ka arolwa ho latela mokgwa o thehilweng ditshwantshong tse kang tatso, mmala, monko, mmele le sebaka sa tlhaho.
Ho na le mefuta e fetang 100 ya biri: pale ales, wild/sour beers, stouts le pilsners ke mabitso a seng makae feela. Dihlopha tse fapaneng tsa ditsela di ka atisa ho tshwana tlasa mefuta e meholo ya di ales (e leng e boima ka tatso e matla) le lagers (e hlwekileng le e phodileng).

Disebediswa tsa Motheo tsa Biri ya Matshoho

©Chris Daly
E le hore o ritele biri o tla hloka metsi, harese e nang le mmela, hopose le tomoso.

Harese e nang le mmela e tswa ho dijo-thollo tsa harese mme e fumanwa ka ho tsela harese ka metsi e dumellang hore e mele. O ka etsa sena kapa o reke harese e seng e ntse e feta ka mokgwa wa ho senya. Harese e nang le mmela e ikarabella bakeng sa ho hlahisa tswekere e hlokahalang ho natifisa biri le ho itshwara ka tomoso ho etsa jwala.

Hopose ke dipalesa tsa semela sa Humulus lupulus, ha se omisitsweng le se sebedisetswang ho ritela biri, se leka-lekana le monate wa harese e senyehileng, e eketsa ho baba, e etsa monko le monate mme e sebetsa e le mokgwa o sireletsang tlhaho. Phello eo hopose di nang le tsona ho biri di itshetlehile ka ha d kenngwa tshebetsong ya ho ritela. Ho e kenya pejana ho tla hlahisa biri e boima ka ho fetisisa, ha e ntse e e phaella hamorao e tla fella ka phetoho e kganyang le e hlasimollang.

Tomoso e ikarabella bakeng sa tahi ya biri. Ha e kenyeditswe, tomoso e fetola tswekere ka jwala le carbon dioxide. Le tomoso e boetse e eketsa tatso ya ho qetela ya biri ebile e na le boikarabelo ba dintlha tsa biri kapa ho baba ha biri.

Mohato wa Pele wa ho Ritela: Ho Lokisa Metsi

©Chris Daly
Mohato wa pele wa ho ritela biri ke ho lokisetsa metsi bakeng sa disebediswa tse ding. Sena se etswa ka metsi a futhumetseng a hlwekisitsweng ho isa ho 80°C ka tanka ya metsi a chesang. Kamora hore metsi a futhumele o lokela ho kopanngwa mme a sebetsane hammoho le harese e nang le mmela.
Hangata sena se etswa ka sejana se bitswang mash tun. Mocheso wa metsi o lokela ho fetolwa ho fihlela ho 65°C ka tlung ya mash tun pele harese e nang le mmela e eketswa.

Mohato wa Bobedi wa ho Ritela: Mashing ya Dijo-Thollo

©Chris Daly
Ho mash tun, harese e nang le mmela e qwetse ka metsing a chesang bakeng sa hora ho lokolla tswekere ho tloha ho dijo-thollo. Tshebetso ena e tsejwa e le mashing. Tswekere e lokolohileng ke ya bohlokwa haholo hobane e tla fetoha jwala hamorao nakong ya ho ritela biri.
Tswekere e boetse e eketsa tatso, monko, mmala le mmele ho biri hammoho le monate, ke ka lebaka leo dino tse monate di atisang ho hlalosowa e le "Ho putisa mmela".

Mohato wa Boraro wa ho Ritela: Sparging ya Wort

©Chris Daly
Kamora harese e nang le mmela e mashed, e ka ba sparged. Mokgwa ona, oo hape o tsejwang e le lautering, ke moo tswekere e ntshitsweng le ho arolwa ho ya ka dijo-thollo. Sparging hangata ho etsahala sejaneng se bitswang 'lauter tun' empa se ka boela sa etswa sejaneng se le seng moo mashing e ileng ya etsahala teng. Hang ha dikarolo di hlatswa mme tswekere yohle e ntshwa ho tsona di lahlilwe mme tse setseng ke metsi a chesang a bitswang "wort" (a bitswa "wert"). Qetellong wort e tla fetoha biri mme e fetisetswe tankeng e nngwe ho tlatsa mokgwa wa ho ritela.

Mohato wa Bone wa ho Ritela: Ho Pheha Wort

©Chris Daly
Hang ha wort e se e arohane le dijo-thollo tse senyehileng, e lokela ho phehwa ho tsitsisa tatso le ho bolaya dikokwana-hloko leha e le dife tse teng. Sena se etswa hoo e batlang e le hora. Hape ke nakong ya tshebetso ena hore hopose di kenngwa ho biri.
Mesebetsi ya hao e haufinyane kapa ya nako e kgutshwanyane e kenngwa jwang e ama tatso ya ho qetela le ya moritedi e sebedisa sena ho etsa sekgetho se setle sa setshwantsho se lakatsehang. Hopose di kenngwa mohatong ona hobane di lokela ho bediswa ho lokolla tatso tsa yona.

Mohato wa Bohlano wa ho Ritela: Ho Eketsa Tomoso

©Chris Daly
Ha wort e phehilwe ka nako e ka etsang hora, e phophole ka potlako e le hore tomoso e kenyelletswe ho ritela ka ntle ho bolaya ke mocheso o phahameng. Hang ha biri e fihlile hoo e ka bang ka 22°C, tomoso e eketswa. Sena se tsejwa e le pitching.
Moritedi o hloka ho ba hlokolosi haholo le ho hlweka ka mohato ona hobane ho ka kgoneha hore dikokwana-hloko tse kang dibaktheria le dibaktheria tse nyenyane haholo di se ke tsa bolawa ke maemo a phahameng a mocheso tshebetsong ena.
Kamora tomoso e ekellwa biri e se e loketse ho feta ka mokgwa wa ho bedisa.

Mohato wa Botshelela wa ho Ritela: Ho Bidisa Tomoso

©Chris Daly
Ho bidisa tomoso ke moo biri e hlileng e bang biri. Le hoja biri e setse ho bediswa, tomoso e ja tswekere ho hlahisa jwala le carbon dioxide. Kamora beke mokgwa wa ho bedisa o fedile mme biri e fetisetswa karolong e nngwe bakeng sa boemo bo botle ba biri. Bekeng e hlahlamang biri e behwa hore e tsitsitseng tatso ya yona le monko hammoho le ho fumana mmala o nepahetseng wa ho hlahisa sehlahiswa se phethehileng le se phodileng.

Mohato wa Bosupa wa ho Ritela: Carbonation ya Biri

©Chris Daly
Ka mohato ona biri e loketse ho etswa. Dintho tsohle tse haellang ke hlooho e lekweba le dipudulana tse nyenyane tseo o di bonang ka kgalaseng ya hao. Bakeng sa sena, carbonation e ya hlokahala. Carbonation e ka etswa ka ho kenella ka ho toba ka carbon dioxide ka biri kapa ka ho eketsa tekanyo e nyenyane ya tswekere ho dibotlolo tse tla itshwara ka tomoso e setseng ho hlahisa carbon dioxide.

Mohato wa ho Qetela wa ho Ritela: Ho e Lokisetsa

©Chris Daly
Mohato wa ho qetela tshebetsong ya ho ritela biri ho beha biri e phethilweng ka di kegs le dibotlolong, ho e lokisetsa ho tsamaiswa, ho rekiswa le ho thabela ho nowa ke ba nwang biri hohle.

Translated by Bongani Matabane