Mokgatlo wa Dipolotiki wa Mazulu

© Dr Peter Magubane

Mekgatlo ya Dipolotiki ya Mazulu

Mokgatlo wa dipolotiki wa Zulu o hahilwe jwaloka piramite. Botlaaseng ba mohaho ona e ne e le malapa ka bo mong (metse), e neng e e na le dihlopha tse nyenyane ka ho fetisisa tsa dipolotiki mmusong wa naha. Motse o mong le o mong o ne a le tlasa taolo ya monghadi (hlooho tsa malapa), ya neng a ikarabella ho boloka ditaelo le ho sebetsana le diqabang leha e le dife tsa malapeng kapa tsa mahayeng tse ka nnang tsa hlaha. O ne a ikarabella ho induna - hlooho ya setereke (setereke) moo motse ona o neng o le teng. Mookamedi wa setereke o ne a ikarabella bakeng sa molao le taolo yohle seterekeng sa hae mme a rarolla diphapang tseo hlooho ya malapa e neng e ke ke ya di rarolla kapa tse neng di le kgolo kapa tse bohlokwa ho yena. Ka nako eo setereke se ile sa e ba karolo ya sebaka se seholwanyane, sehlekehlekeng seo, se neng se laolwa ke hlooho ya setereke sa bohlokwa kapa morena wa lefutso (morena), ya neng a ikarabella ka ho toba ho morena. Naheng e nngwe le nakong eo ho neng ho le thata ho finyella melaetsa ya diphatlalatso, mokgatlo ona wa dipolotiki wa piramiti o kenyeletsang o ile wa fana ka tsela e atlehang ya hore morena a sebedise puso ya dipolotiki hodima mmuso wa hae.

Boholo ba mohaho ona o pholohile ho kena-kenana ha mebuso e mesweu e latellanang, mme puso e ncha ya demokrasi ya Afrika Borwa, e kgethilweng ka 1994, e amohetse tlhokahalo ya ho tshehetsa le ho boloka mehaho ya setso ya bolaodi ka thahasello ya botsitso ba mahaeng. Leha ho le jwalo, mekgwa e meng e kgahlanong le ditokisetso tse nang le molao-motheo o mocha wa Afrika Borwa, o tiisang ho lekanngwa ho sa tsotellehe morabe, tshebedisano ya bodumedi kapa tekano. Ho arolwa ha naha ho basadi, e neng e ke ke ya dumellwa nakong e fetileng, hona jwale ho atile haholo.

Translated by Sebongile Sonopo

Tlhao ya Sezulu

Nakong ya selemo sa 1550 Mookamedi ya nang le balatedi ba banyane, o ile a dula tlasa Thaba ya Amandawe mabopong a ka Borwa a Noka ya Umhlat...more

Mazulu

Thlaho ya Mazulu, mohlomong e le sehlopha se seholo ka ho fetisisa se nang le baahi Afrika Borwa, se na le mohlomphehi o monyenyane ya buang...more