Mmino wa baTsonga

Lefa la Mmino o Ruileng

©Dr Peter Magubane

Batsonga ba tumme ka lefa la mmino o ruileng o itshetlehileng ho bapalweng ha diletswa tse fapaneng. Diletswa di ka arolwa ka mekgahlelo e meraro: tse dikgwele, tsa moya le tse tidinngwang.

Diletswa tsa bohlokwa tse dikgwele di kenyeletsa tse kang thupa kapa seqha se thothomelang se nang le metsero (xizambi), se bapalwang ke seletsi ka ho tshwara kgwele ka meno,bakeng sa molodi o tebileng; thupa e nang le dikotola tse etsang modumo o tebileng e pikitlwa e iswa hodimo le tlase metserong ya seqha, ho tsamaelana le mmino.

Xitende ke thupa e nang le mohope o kgomareditsweng ho yona o tlisang botebo ba molodi. Mgangala, e ntseng e bapalwa le kajeno, ke lehlaka le feela kahare le kwalwang ka menwana, ha xipendana e le seqha se nang le mehala ya terata ebile se na le mohwele o motenya mme o kwalwa ka sekotwana se papetluweng sa tshepe.

Diletswa tsa moya ke: xitiringo - phala e nang le masoba a mararo, phala ya modisa (nanga) le trompeta ya lenaka la kgama (mhalamhala).

©Dr Peter Magubane

Diletswa tse tidinngwang di kenyeletsa mefuta ya meropa. Moropa o bataletseng (tsomane) o bapalwa ke dinohe ho phekola batho ba nang le meya e ditshila. Mefuta e meng ya meropa e kenyeletsa ndzumba le xigubu tse bapalwang lebollong la bashemane le banana ka ho latelana, le ngoma e sebediswang metjekong ya mekete.

Diletswa tse pedi (tseo e seng tsa setso sa Setsonga) ha di wele mekgahlelong eo: piano ya letsoho e nang le dikotwana tsa tshepe tse robedi, tse ka bang bolelele ba 10 cm (4 inches) le bophara ba 1 cm(halofo ya inch), tse tlamelletsweng sekotwaneng sa patsi se tlase,e bapalwa ka ho pholla ditshepe tseo; e nngwe ke mofuta wa xylophone e nang le dikonopo tsa patsi le sefetola-modumo sa mohope. 

Mmino wa Setsonga o fetohile haesale o hatiswa lekgetlo la pele dilemong tsa 1920. Kajeno, ho na le kgonahalo ya hore e be mmino o ratwang haholo naheng ena, ho kopanngwa meetlo ya lehae le ya kantle.

Translated by Maletsatsi Sejake