Merlot

Tlhaloso

Merlot ke mofuta wa veine e kgubedu e holang ho mateanong a Cabernet Franc le Megdelein Noir Charentes. Mofuta ona lebitso la yona le tswa ho lentsweng Bordeaux e leng se bolelang “nonyana e nyane e ntsho”, mohlomng ke ka lebaka la hobane dinonyana tsena di ne le bolou bo botsho di tshwana le morara kapa ke hobane di ne rata haholo ho ja morara wa Merlot.

Tlhaho

Mofuta ona esale o le sebakeng sa Bordeaux France ha e sale ho tlowa disentjhuring tsa bo 18. Tlhahiso France e ne se ntle haholo ho tlowa ka 1950, e qadile ka lehlwa le lengata le ileng la senya difate tsa Merlot. Difate tse ngata di ile tsa jalwa se lemo se latelang e le ho nkela sebaka tseo, empa boholo bo ile ba senyeha ka lebaka la ho bola.

Difate tse ding le tse ding tse ntjha ho bonaha le fumana koduwa. Maemo a ile a mpefala hona hoo ho ileng hwa thibelwa ho jala sefate sa Merlon ke boetapele ba France ka 1970. Ho thibelwa hoi le hwa lefituwa ka 1975 ka lebaka la ho phahama hwa setumo sa veine lefatsheng.

Mabitso a Mang

Merlot ha ngata e bitswa Merlot noir, e babg o batla ho e arohanya le diveine tse ding tse tshweu e bitswa Merlot blanc. Mabitso a mang a mangata ke Petite Merle, Merlau, Vitraille, Crabutet, Bigney, Semillon Rouge le Medoc noir.

Tlhahiso Aforika Borwa

Mofuta ona o bile ka hara naha ho tlowa 1920, tlhahiso e entswe mahareng a 1990, ka lebaka la setumo sa yona motswakong wa Cabernet blend le mofuteng wa veining e ikemetseng. Tlhahiso e hotse ho tlowa hectareng ka 1979 ho ya ho tse 5 550ha ka 2016. Overgaauw wa Stellenbosch abelwa kgau ya ho ba raveine wa pele wa ho ntsha veine e entsweng ka Merlot.

Sebaka sa Tlhahiso

Merlot e hola ntle maenong a lehodimo a phodileng mobung o nang le bokgoni bo itekanetseng. Pehelo e lokelwa ho etswa bakeng sa nosetso jwalo ka mofuta ona ole pepesehile komellong nakong yah o butswa. E lengwa Aforika Borwa ka bophara, ka sebaka seholo bakeng sa Stellenbosch se hlahisang, se latelwe ke Paarl.

Kgolo

Sefate se lokiseditswe ho hola ka mahlahahlaha mme se nale mokgwa wa tselanyana. Tlhahiso e boholo ba 8ha-12ha.

Ho Butswa

Menokotshwai e butswa mahareng a sehla, ho tlwa karolong ya pele ya Hlakubele.

Menokotshwai

Menokotshwai e itekanetse ka boholo, e kgidikwe mme e mmala bolou bo botsho ha e butswitswe. Letlalo le lesesane ha dijo di metsi.

Makgasi

©Glenneis Kriel
Makgasi a boreledi, a matala bo tebileng, a itekanetse ka boholo le marete a mahlano.

Dikokwana tse Disinyi le Mafu

Ha kenwe ke mafu a fungi, ntle le hlobo. Bothata ka ho bola ho etsahala dibakeng tse futhumetseng. E tshaba moya o senyang, komello, kgatello ya motjheso le letswai metsing.

Tshebediso

Merlot e sebediswa bakeng s tlhahiso ya veine e ikemetseng le setumo metswako ya balekane ya Cabernet Sauvignon le Cabernet Franc.

Tatso

Sele ya bong Aforika Borwa ka kakaretso e hlahisa mebala o lefifi ka tatso e hlahelletseng ya beri ka jwang. Disele tsa bong di feta nngwe tse jalwang bakeng sa hectare, ho kenya boima veining.

Translated by Sebongile Sonopo