Meralo ya Sepolotiki ya baTsonga

© Dr Peter Magubane

Bolaodi ba Morabe

Ha bakoloneale ba basweu ba beha melao ya bona metseng ya Batsonga, matla a marena a ile a fokotseha. Ha dilemo tsa 1920 di fihla, boholo ba ba basweu ba ile ba bona ho wa ha borena e le sesupo sa tlolo ya molao wa dipolotiki. Bakgetholli ba ile ba bona ’morabe’ e le lehae la tlhaho la setjhaba sa MaAfrika se neng se hlodisana ka sekgahla se seholo le ba basweu dibakeng tsa ditoropo.

Boemo ba morena (hosi) bo ile ba matlafatswa ke ketsamolao dilemong tsa 1920 mme, dilemo tse 30 kamora moo, ‘bolaodi ba merabe’ bo ile ba ba hlokolosi tsamaisong ya mahae a batho ba batsho. Ka moetlo morena le lekgotla la hae ba ne ba na le matla bolaoding mme e ntse e le karolo ya bohlokwa ya mmuso merabeng yohle ya Batsonga.

Borena ke lefa mme bo wela ho setho se phahameng sa moloko o moholo lelokong le matla ka ho fetisisa. Morena e motjha o lokela ho dumellwa ke lekgotla mme a hlomamiswe semolao mosebetsing wa hae. Ebang a le monyane dilemong ha ntatae a hlokahala, rangwane wa hae ke yena ya tla tshwara marapo. 

Nakong e fetileng morena o ne a e na le matla a phahameng. O ne a fana ka lefatshe ebile a dumellwa ho qalwa ha lebollo, mesebetsi ya ho kotula le metjeko ya ho roka pula; o ne a namola ditho tsa dihlopha tse fapaneng le meya ya badimo; o ne a nka diqeto tsohle tse amanang le ntwa le lebotho; hape o ne a ikarabella botsamaising ba morabe, ebile a dula dinyewe tsa bohlokwa le tsa maipiletso tse tswang ho matona a hae.

O ne a thuswa ke bahlanka ba neng ba na le mesebetsi e ikgethang. Matsatsing ana marena ke basebeletsi ba setjhaba ba lefuwang ka ho ba le boikarabelo ba tsamaiso ya batho ba leng bolaoding ba bona. Ba ntse ba na le seabo sa bohlokwa e le ditsi tsa botshepehi, boitsebiso le lerato la ditjhaba tsa mahae.

Translated by Maletsatsi Sejake