Mefuta ya Mobu ya Serapa sa Morara

© Louise Brodie

Afrika Borwa e fapane haholo. Tse ding ke lehlabathe, tse ding di na le letsopa le lengata ebe ho na le mobu o majwe. Mobu ha o fapane le ponahalo le mmala feela, empa hape ho latela dimatlafatsi le matla a ho tshwara metsi. Mobu wa lehlabathe le o majwe o ka thibela dimatlafatsi le metsi ho feta mobung wa letsopa. Ho feta moo, bongata ba dintho tse phelang mobung bo phetha karolo ya bohlokwa haholo.

Ditshwaneleho tsa dimela tse ding tsa morara di ka ba tse hlaheletseng ha di hodile mobung o itseng. Ho kopana ha boemo ba leholimo, sebaka, tsebo ya lejwe le mofuta wa mobu di tlatsetsa tabeng ya ho tsamaiswa ha veine e phahameng, empa maemo a tikoloho le mofuta wa mobu o ama le mokgwa wa veine. Ka lebaka leo, ho bohlokwa haholo ho tseba hore na mofuta wa mobu ke ofe bakeng sa ho laola thepa e ntlehadi ya mobu le ho hlahisa veine e phahameng ya boleng.

Ho kgetholla mofuta wa mobu ke mosebetsi o thata haholo le o kgethehileng. E le hore o fumane boitsebiso, pale ya mekoti e tlameha ho tjhekwa. Dipale tsena tsa mekoti di lokela ho tjhekwa sebakeng se itseng le ho hlahloba mobu o feletseng ho etswa ke setsebi.

Mobu wa Lehlabathe

Mobu o nang le letsopa le ka tlase ho 6% ha o hanyetse ho hola ha metso, empa mathata a ka sehloohong a mofuta ona wa mobu ke bokgoni ba oona ba ho ba le metsi le kgaello ya dimatlafatsi. Ka lebaka leo, mobu wa lehlabathe o lokela ho nosetsa ka makgetlo a mangata mme menontsha e lokela ho sebediswa kamehla. Metsi a mangata a nosetso a fetoha metsi a tswang sebakeng sena. Le dimela tsa lehlabathe tse batlang di le kgolo, metsi a tshela ka potlako mobung. Tlhokomelo ya metsi e ka finyellwa ka sehlahiswa se kwahetsweng kapa sekontiri - sehlahiswa sa dimela tse hodima metsi - ho fokotsa mouwane.

Mofoka o ntseng o hola o tlosa boholo ba metsi le dimatlafatsi tse fumanehang, kahoo ho lema dijalo tse kwahetsweng le ho laola mofoka ke mekgwa e metle ya temo e nang le mobu wa lehlabathe. Ho kenyelletsa dihlahiswa tsa tlhaho ka mofuta wa manyoro ka ditlama ho eketsa monontsha mobung mme kahoo matla a ho tshwara metsi. Mokgwa o motle ka ho fetisisa wa nosetso bakeng sa mobu wa lehlabathe ke ka mekgwa ya micro-drip kapa ya sesepa ka potoloho e kgutshwanyane ya nosetso. Le hoja mobu wa lehlabathe o le motle ebile o hlephileng, o ka ba o teteaneng mme o kwahetswe ka mora hore ho na le pula e ngata le sephethephethe. Ho lema kamehla mobu wa lehlabathe o nang le mohoma kapa leqeba le ka senyang mohaho.

Mobu was Letsopa

Mobu wa letsopa o atisa ho fumanwa haufi le dinoka tseo hangata di siuwang ke metsi kapa dikgohola. Mobu wa lestopa o na le bokgoni bo botle ba metsi le dimatlafatsi tse ngata le difate tsa morara tse ntseng di le mofuta wa mobu o tlwaelehileng haholo. Mobu o motle haholo mme phapang e kgolo e hlaha dikarolong tse fapaneng.

Ka dinako tse ding mobu wa letsopa o shebahala jwaloka bohobe moo dikarolo di arohanngwa ke lehlabathe le mahwasha. Phapang e kgolo ya ho kopa e thibela metso e kantle ho kenella, hammoho le phepelo ya metsi. Metsi a tsamaya ka letsopa le ka lehlabatheng, empa metso ha e phunyeletse lehlabathe le mahwasha.

Ho lema mobu mobung wa letsopa ho lokiseditswe hantle hore o thibele ho ikamahanya. Metsi a mobu wa letsopa a bohlokwa haholo ha a rerile ho lema serapa sa morara. Kgatello ya mobu e ka bakwa ke ho tsamaya ha koloi haeba letsopa le le metsi haholo. Mobu wa letsopa, dihlahiswa tsa manyoro di tla kgothaletsa metsi a mangata le hore oksijene e kene mobung. Haeba mobu o omme haholo, dihlopha tse kgolo di ka thehwa. Bothata botswako ba mobu bo lokela ho kopantswa ka ho feletseng le sekgahla sa ho lema.

Mobu wa Majwe

Mofuta ona wa mobu o tlwaelehile haholo ho seo ho thweng ke mobu wa bohlokwa o ka hodimo. O boetse e bitswa dorbank kapa 'koffie klip'. Ho lokisetsa mobu o motle ho habohlokwa e le hore o tlose dikarolo tse ding tse sa kgonehang, tse ka hlahang ka ho teba. Dikarolo tsena di ka fokotsa ho kena ha metso.

Ho lokisa mobu dibakeng tse majwe hangata ho theko e le hore disebediswa tse kgolo le tse theko e boima di sebediswe ka dinako tse ding ho tlosa lera. Ka nako eo, dorbank e thata e lenngwe ka temo le mobu o tlaase. Leha ho le jwalo, tlhokomelo e lokela ho nkuwa hore e se ke ya hlophisa mobu o seng o lokiseditswe. Mobu wa majwe o hlophisitsweng hantle o na le bokgoni bo molemo ba ho tshwara dimatlafatsi le metsi.

Translated by Bongani Matabane