Mefuta Ya Dijo-peo

© Gary D Robson

Dijo-peo di ka arolwa ka tsa sehla se futhumetseng le tsa sehla se phodileng, ho ya ka sehla seo di holang hantle ka sona. Ho kgetha sejo-peo sa makgulo se nepahetseng ho tsamaelana le boemo ba lehodimo ba polasi, boteng ba metsi le mofuta wa mobu ho hlokolosi. Tsela eo sejo-peo se tlo sebediswa ka yona ho lokela ho elwa hloko ha ho jalwa makgulo - na se tla sebedisetswa ho fula, furu kapa silage?

Dijo-peo Naheng Ya Afrika Borwa

Jwaloka dijo-peo tsa lehlabula tsa selemo le selemo tsa boleng bo hodimo, ka bobedi dinawa tsa soy kapa cowpeas di ka sebediswa ha bonolo mokgweng wa ho fula furu ya lehlabula. Cowpeas di na le 14 - 24% ya protein, ho ya ka boemo ba kgolo. 

Lesere ke sejo-peo sa sehla se phodileng se holang lehlabula lohle ka protein ya 16 -18%. Makgulo a lesere a jalwa hohle empa boholo a sebedisetswa tlhahiso ya furu le ha e hola e le sejo-peo se fulwang sa dibaka tse ommeng dikarolong tse itseng tsa Afrika Borwa. 

Dijo-peo tse ding tse ratwang bakeng sa makgulo ke clover ya  Medicago ya selemo le selemo e profenseng ya Western Cape hammoho le clover e tshweu le e kgubedu e dibakeng tse nang le bokgoni ba yona ba ho hola mme di nosetswa ka matla.

Taolo Ya Dijo-peo Jwaloka Makgulo

©Commonwealth Scientific and Industrial Research Organisation (CSIRO)

Makgulo a dijo-peo a hloka taolo e itseng. Hlophisa mehlape selemong sa pele kamora ho jala ho fokotsa ho fula ho fihlela makgulo a qala ho mela mme o dumelle feela ho fula ho bobebe hang kapa habedi lehlabuleng/lehwetleng la pele.

‘Ho tlalellana ka maleng ke makgulo’ ha mehlape ho bakwa ke ha furu e na le dijo-peo tse fetang 50 %, haholoholo clover e tshweu le lesere kapa ha mehlape e fula makgulo a kolobileng. Clover ya Berseem e batla e le tlase ka ho baka ho tlalellana. Eketsa dijo tse ommeng mme o fepele ka ho ka thusang ho thibela ho tlalellana.

Makgulo a dijo-peo a ba le tjhai e ntle nako ya dilemo 3 - 5 kamora moo sekgahla sa tlhahiso se a qepha ha nitrogen e loketseng semela e se e le siyo mobung. Ho nontsha ho ka fokotsa ho qepha hona. Phosphate, potassium le pH ya mobu di bohlokwa ho dijo-peo.  

Ela hloko: Lesedi lena ke bakeng sa thuto le tlhahiso-leseding feela mme le ke ke la nkwa e le keletso ka tsa ho jala, ho fepa kapa tsa phepo. Bakeng sa lesedi le batsi ka ho fepa diphoofolo tsa hao kapa ho jala makgulo, ikopanye le setsebi sa tsa bophelo ba diphoofolo kapa morekisi wa peo.

Translated by Maletsatsi Sejake