Maxhosa

© Dr Peter Magubane

Lebitso lena la Maxhosa ke lentswe le akaretsang,le sebedisetswang motswako wa maloko a hlomphehang a ditloholo tsa BaNguni, Pondo, Bomvana, Thembu le morabe wa Xhosa ka bo-oona.

Batho ba buang Sexhosa kapa BaNguni ba Kapa ba dula Kapa Botjhabela, ho tloha moeding wa Kwazulu-Natala ho ya Kapa Botjhabela Zuurveld. Boholoholo e ne e le ditsomi, badisa le dihwai tse iphedisang, ba ne ba itlhophisitse ka dihlotshwana tsa borena tse ikemetseng polotiking, se seng le se seng se amohela morena e moholo. Sexhosa, jwaloka SeNguni, e leng lentswe la puo ho na le la morabe, e ne e le puo e buuwang diphuleng tsa dinoka tsa Fish, Keiskamma le Buffalo.  

Sehlopha sa pele sa bajaki ba BaNguni ho fihla Afrika Borwa e ne e le moloko wa Maxhosa ( o nang le malapa a Gcaleka, Ngqika, Ndlambe le Dushane ), Thembu le Pondo. Hamorao sehlopha sa bobedi sa batho ba buang Senguni se ile sa fihla Zululand, empa ba lelekwa ke Morena Shaka.

Ba ne ba tsejwa e le Mfengu mme ba kenyeletswa setjhabeng sa Maxhosa. Bajaki bana ba pele ba ile ba theha mokokotlo wa setjhaba sa Maxhosa, e leng sehlopha sa bobedi se seholo Afrika Borwa. Ke  setjhaba se motlotlo haholo, hobane ha ba so ka ba etswa makgoba kapa ba hlolwa ke morabe ofe kapa ofe. 

Translated by Maletsatsi Sejake

Baholoholo Setsong sa Maxhosa

Meya e matla kapa diriti hangata ke ya baholo ba batona ba seng ba hlokahetse ba moloko o tlileng pele....more

Lenyalo Setsong sa Maxhosa

Lenyalo le tlwaelehileng e ne e le leo balekane ba batlwang kantle ho leloko, e neng e le ntho e kgethollang BaNguni ka kakaretso....more

Ho fetoha ha MaXhosa

Ho kopana hona ha meetlo ho ile ha fumanwa ho na le kgahlamelo e matla meetlong ya BaNguni ba Kapa hoo,ho isa boholeng bo itseng, ho ntseng ...more

MaXhosa a Afrika Borwa

Ho ya ka nehanotaba, BaThembu, Maxhosa le Mampondomise ba ne ba dula dibakeng tse hodimo ho noka ya Umzimvubu e Eastern Cape, meloko e menga...more

Borena le Maloko a Maxhosa

Lebitso la leloko le ntse le le bohlokwa le kajeno e le letshwao la boitsebiso setjhabeng. Ha baditjhaba ba kopana, ba itlhahisa ka ho bitsa...more

Ditlwaelo tsa Meetlo ya Maxhosa

BaNguni ba Kapa wa ne ba susumetswa haholo ke Yuropa ya sejwalejwale, haholoholo moetlo wa ho bua Senyesemane,kamoo ba fuweng kateng ka mant...more

Mesebetsi ya Mohato wa Bohlokwa Setjhabeng sa Maxhosa

Dilemo tse ka bang 150 tse fetileng kapa ho feta, kaofela marena ba Afrika e borwa le Ba-Khoi-san ba ne ba phetha ditlwaelo tsa ho lokisetsa...more