Maqeku a bo nkgono kgahlano le bofuma le Aids

Alicia Mdaka le Beauty Skefile ba hlalosa ka moo mokgatlo GAPA (Grandmothers Against Poverty and Aids) o fetotseng bophelo ba bona leho ba thusa ka teng ho tobana le diphepetso tsa bona.

Bo nkgono ba GAPA

©Eric Miller

Ke ne ke ya GAPA feela ke fihle ke dule ka pele ho thelevishene, ke holofetse ke bohloko. Bo nkgono ba GAPA ba mpolokile. Goldie Qayiya e ne ele e mong wa basadi ba neng ba buwa lenna, a mpolella ka moo le yena bana ba hae ba bararo ba hlokahetseng ka teng.

O ile a re, ’Alicia, mora waka wa hofela o hlokahetse ke mo romme shopong, a otlwa ke leru. Mora waka ya moholo, Vusi, o hlokahetse ke Aids. Ke ne ke dutse lehlakoreng la bethe ya hae ha a timela, e ile ya tabola pelo yaka. Thumela le yena o hlokahetse ke Aids. Ke ba patile bohle.’

Ha a mpolella pale ya hae a lla, ke ile ka hlokomela hore ha ke mong.’Goldie o ile a mohela boima ba hae ebile o matlafetse,’. Ke ile ka nahana.’ Lefatshe laka lekeke la ema, Modimo o nale le nna.’ Hanyane, ke ile ka ba Alicia hape. Ha ke ngongoreha lapeng, ke ya GAPA ke ba tsebise, ba tla mpha matshidiso ao ke a hlokang. Nkeke ka tlohela GAPA. E botebong ba pelo yaka. Metswalle e haufi le nna ya GAPA ke Constance Sohena.

Ha kena le mathata ke ya lapeng ha hae. Ntho ya pele re ya kgumama re rapele, ka mora moo ke tla mo arolela se nkgathatsang. Ke mosadi eo ke mo tshepang hahol

Nako ya Beauty Skefile ya GAPA

©Eric Miller

Ke rata ho ya GAPA, ke thuso e kgolo bophelong baka. Re buwa haholo ka dintho tse re kgathatsang mme ka pele re se re lebetse ka mathata. Enwa o tlare hona, mme yane le yena a buwe sena, ka mora moo kaofela re ya tsheha. Ke ne keya ka mehla ha bana ba le sekolong.

Empa hona jwale maoto a ka a ruruhile ke lefu la serame sa masapo, ha ke kgone ho tsamaya ho hang. Ka dinako tse ding ha o le moo, menwana ha e batle ho tshwara letho. Ha kele GAPA ke roka dikobo le di popi tsa bere.

Ke roka le Mfitshi-mfitshi, e leng lentswe la SeXhosa le bolelang dipetjhe. Ka nako e nngwe ke roka ka motjhini ka nako e nngwe ke roka ka letsoho. Ke ithoketse mesamo ya bethe yaka, ka matsoho. Dintho tseo ke neng ke sa di tsebe botjheng baka, ke ithutile tsona ke kele leqheku.

Translated by Sebongile Sonopo