Mahae a BaNtwana

Bodulo Ba Kwarrielaagte

©Dr Peter Magubane

Bodulo ba Kwarrielaagte bo bontsha ho phedisana mmoho jwaloka ka setjhaba le ho ba ngatana e le nngwe setjhabeng sa BaNtwana. Mahae a bona ke metlotlwane kahara motse mme e bontsha bophelo ba lelapa bo sireletsehileng. Kgoro e tswang lepatlelong la motse ho ya mahaeng e kena ka metjha, e phatlallang matlong a mang le a mang a mabedi kapa a mararo a qadikaneng.

Bommê ba loketswe ke ho ba le matlo ao e leng a bona kamora ho ba le ngwana wa pele. Ebang monna a na le mafumahadi a mangata (setjhaba sa BaNtwana se nyala sethepu), ho ahwa matlo a mang a mabedi kapa a mararo a mabapi. Basadi ba BaNtwana ba kgabisa mabota a kantle le a kahare a maholo a mapatlelo a potapotileng mahae a bona.

Maboteng ana a ahilweng le ho dilwa ke basadi, ho kopantswe mobu, bolokwe le majwe a boholo bo lekaneng. A kgabiswa kamora kotulo, ha ho qala sehla se ommeng le ka nako e pakeng tsa kotulo ya dijalo le ho jalwa ha tlhahiso ya selemo se hlahlamang. 

Mokgabiso ka ditema ke o mong wa mesebetsi e etswang ke ngwetsi e ntjha, empa hoo ha ho bolele hore ke mosebetsi wa hae a le mong hobane basadi ba bang ba leloko ba a mo thusa. Ho kopanngwa mobu o mofubedu, o mosweu le o motsho, o sebedisetswang ho kgabisa mabota le ho itshireletsa diketsong tsa boloi.

Hang ha mebala ena e se e kopantswe, basadi ba taka mabota ka yona ba sebedisa menwana kapa dithupa. Ka mekgabiso e sa tshwaneng le ya MaNdebele ka mebala e kganyang, mekgabiso ya BaNtwana e qhalakane, e mmalwa mme e mmala o tshwanang, ebile e na le ditema tsa mela kapa ya difapano. Le ha hona e le ho ntlafatsa lehae, mefuta ya mobu e dumelwa ha e na le matla a meriana, e sireletsa kapa ho fodisa. 

Mebala yona eo e meraro (o mofubedu,o mosweu le o moputswa/motsho) e a iphetapheta dihlahisweng tsohle tsa BaNtwana, le dinthong tsohle tse amahanngwang le meralo kapa pono tse nang le mebala eo e meraro e sebediswang haholo meetlong le mesebetsing ya letsatsi le letsatsi. Le ha ho le jwalo, mebala ena e phunyeletsa ho feta ho etsa mesebetsi ya bohlokwa le ho phetha meetlo.

E hlahella hape meaparong ya basadi ba BaNtwana, difaheng tse meseng ya bona, le dipaleseng tse hlongwang lehlakoreng la dihlooho tsa bona. Ho feta moo, dikarolwana tsa mobu ona di sebediswa malapeng a mabota a BaNtwana  e le tsela ya tumelo ya ho itshereletsa bomadimabeng bo ka bakwang ke tlholeho kapa ntho tsa matsoho.

Translated by Maletsatsi Sejake