Lenyalo Setjhabeng sa baTsonga

Mehato ya Lenyalo

©Dr Peter Magubane

Ka moetlo wa Batsonga, ho kgetha molekane e ne e se ntho e otlolohileng, hobane mohato ona o ne o latela melao e itseng. BoMotswala ba ne ba sa dumellwa ho nyalana, ho ne ho sa nyadiswe bana,empa ntate a ka kgothaletsa mora wa hae ho nyala banana ba itseng. Mohlankana ya batlang ho nyala o ne a romela lesale la monwana la jwang kapa moutlwa ho bontsha hore o batla ho nyala ngwanana eo.

Ebang maikutlo a bona a ne a tshwana, ngwanana o ne a tla romella mohlankana lesale la monwana la jwang kapa moutlwa, ho netefatsa dikamano tsa bona.Kamora hoba ntate wa ngwanana a tsebise tumello ya hae semolao, ntate wa mohlankana o ne a romella lelapa la habo kgomo,e neng e tiisa tumellano. Hang ha boemo bona bo se bo fihlelletswe, dipuisano di hatela pele ka hore ho be le boemedi ho tswa malapeng ka bobedi. 

Mehleng ya kajeno ho ntse ho le bohlokwa hore ho sebetsanwe le bohadi bo iswang lapeng labo kgarebe.Lenyalo la Setsonga ke dikamano tsa batho ba fetang ba babedi. Le tiisa maqhama pakeng tsa malapa, ho jara menyetla le boikarabelo bo fetang le ha ho hlokahetse molekane ofe kapa ofe.

Mohlala, ebang mosadi a hlokahala pele a ba le ngwana, kapa a hloke thari,e mong wa ba leloko la habo o a tliswa hore a tlo thusa ho ba le bana. Ebang ho hlokahala monna, ba habo ba lokela ho hlokomela mohlolohadi wa hae ;ebang mosadi a ntse a na le thari, moena wa mofu a ka nna a mo kenela mme a ba le bana le yena, a emetse moholwane wa hae ya seng a timetse.

Mokete wa Setso

©Dr Peter Magubane

Mokete wa setso e ntse e le ntho e etswang ke boholo ba Batsonga. Nakong eo ngwanana a seng a tswa motse, ho etswa sehlabelo, mme o siya lelapa labo le badimo ba habo ka molao. Sena se hlahlangwa ke ho nehelwa ha monyaduwa lapeng labo le letjha. Kamora mokete wa lenyalo habo monyadi, bobedi bona bo se bo nkwa e le banyalani ka molao. 

Ka tlwaelo ngwetsi e lebeletswe ho latela melao e hlalositsweng ka botlalo ya boitshwaro le mekgwa e metle lapeng labo le letjha. Kamora mokete wa lenyalo ngwetsi e dula tlung ya mmê matsale (muti), a thusa matsal’ae ka mesebetsi ya hae ya letsatsi le letsatsi le ho pheha. Mmê matsale o ne a tla mo fa ditaelo ka ditlwaelo tsa lelapa leo.

O ne a lokela ho ikobela melao e mengata ya boitshwaro ya ntate matsale wa hae le banababo ba batona. O ne a ya ntlong eo e leng ya hae kamora ho ba le ngwana wa hae wa pele, empa a ntse a tswela pele ho sebedisa mokgoro wa mmê matsale ho fihlela moena wa monna wa hae a nyala. Ebe mohatsa moena o dula le mmê matsale.

Hang ha mmê e motjha a fallela ha hae mme a se a e na le mokgoro oo e leng wa hae, yena, monna wa hae le ngwana wa bona ba ba ngatana e le nngwe ka tlung. Sethatong ba ne ba dula lapeng la ntate wa monna,empa hang ha monna a ba le basadi ba bang, ho ba le motse oo e leng wa hae ho ne ho ba bohlokwa. Tlwaelo e ne e le hore mora a ahe haufi le ha ntatae kapa a atolose ntlo ya ntatae. Ha nako e ntse e feta sena se ile sa fella ka ho ba teng ha leloko, ha meloko e ntse e eketseha. 

Dikamano tsa malapa di ne di matlafatswa ka lenyalo, ka ha lenyalong la bobedi ho ne ho kgethwa moena wa mosadi wa pele. Mosadi wa pele wa o ne a ka hatella hore monna a be le basadi ba bang ka ha hona ho ne ho phahamisa boemo ba hae setjhabeng ebile ho thusa ho arolelanwa ha mesebetsi ya lelapa pakeng tsa basadi le bana ba bona.

Sena se bolela hore lelapa le emeng le le leng le ne le hola ho ba ngatana e le nngwe e sebedisanang le ho hodisa moruo, ka malapa a fapaneng, moo motho e mong le e mong a neng a na le boemo bo ikgethileng le boikarabelo ho fihlela ditabatabelo tse tshwanang.

Translated by Maletsatsi Sejake