Lengana la Afrika na le ka Fodisa Mofetshe?

© Marinda Louw

E tsebahala ka lenagana - Artemisia afra - ke semela se nang le monko monae setsebahalang ka wildeals (Afrikaans), umhlonyane (Xhosa le Zulu) and lengana (Sotho le Tswana). E nale mefuta e kabang 400 ya Artemisia lefatshe lohle, boholoba e sebedisi jwalo ka moriana empa A. afra ke ona mofuta feela selehae sehlopheng seo. E sebediswa bakeng sa melemo ya ona e fapaneng Artemisia e thusa ka ho laola malaria, hlooho, manywa le ho nylla takatso ya dijo. Ho tjhesa makgasi le ho hema mosi wa yona ho thusa ha o kwaleha moya, e laola mokgohlane o tlwaelehieleng, ho hohlola, diso mmetsong, tshwaetso le asthma.

Methapo, dikutu le makgasi di sebediswa le lokisetswa e le seno, sepeiti, seretse, ho hlatswa mmele kapa setlotso. Hape e ya tsujwa, ka senifi kapa seno sa tee e babang. O ka enka jwalo ka tee, setlama sa letswejane, ho sijwa le ho ntsha manyowa. E nngwe ya diketsahalo tse tlwaelehileng ke ho kenya makgasi a foreshe ka hara nko ho e kibolla le ho emisa mokola. E sebediswa hape dikausung ho maoto monko monate le ho inelwa boranting. E sebediswa hape ele sefafatsi sa tlhaho se bolayang dikoknyana le dirurubele. Makgasi a futhumetseng a sebediswa ho phuthela moo ho ruruhileng le manonyeletso a bohoko ho fokotsa bohloko ha setlotso se tswakwa e tlotswe ho laola methapo e ruruhileng. Dithuto di netefatsa hore tshebediso ya setlama e tswelapele mme sebediswa ho laola mafu a kang tswekere, mafu a pelo le methapo, mofetshe, ho feelwa ho ntse ho fuputswa. Diphuphutso tse ding dintse di fuputsa ka tshebediso ya Artemisia ho thibela coccidiosis ditsonyaneng tsa kgoho. Ho nale tshebediso tse nne tse fuweng tokelo ya A. afra, tse pedi di lefung la tswekere, e nngwe e lefung la mofetshe mme e nngwe lefung la tswekere le lefu la pelo le methapo.

Makgasi frika Borwa le dikutu tse tala di kotulwa bakeng sa tlhahiso ya oli. Dikotulo tse pedi entsweng di ke mahareng a hlabula le qetellong ya hlabula ho ya qalong ya hwetla. Oli e hlokehang e ntshitswe paleseng ka hodimo e nang le kgolo ya oli le boleng bo hodimo. Ho kotula ho lokela hoba qalong ho ya mahareng a nako ya ho palesa ha boleng ba oli bo nyolohile. Taolo ya mohodi e tsamaya ka peipi monko wa ditlama, oli ya khamfore e nyane e bohlokwa.

Oli ya Artemisia e sebediswa mohoding nkong e kibaneng kapa e ka tswakwa ka bateng bakeng bakeng selomi le ka mora pelehi. Oli enale thujone e hodimo e lokelwaho sebediswa le tekano nakong boimana le ho akgeha. Ke setlama se sa lokelang ho nowa ho feta matsatsi a 7-10 hobane e ka baka hlooho kapa ho thothomela. (Thojone e teng mefuteng e mengata ya Artemisia le A. absinthium mme fana ka boholo ba thujone ka hara jwala bo matla, Absinthe e tlalehwa e ena le ditlamorao tsa monahano o fetohang).

Ha jwale, ha hona ba lemi ba ingiditseng semolao ba A. afra mona Afrika Borwa. Mefuta e meng e holang Afrika Borwa ke Artemisia absinthium, (e tsebahalang jwalo ka lengana), Artemisia dracunculus (tarragon), Atemisia valgaris tlhaho ya yona e Kapa Bophirimela.

Artemisia e tsebahala Afrika Borwa mme e tletse tletse le dikoloho. Sehlahla se hohelang semela se tummeng sa tshimo ebile se matla se hola ha bobebe. E bonahala ka masiba a maputswa foliage le monko o monate o kgomarelang ha o othetsa kapa o o kgaola. E hola dihlahleng tse teteaneng clumps ho tlowa 0.5 ho ya ho 2m ka bolelele. Ho ikatisa ho etsahala ka hokgaola, ho arola le ka peo e lengwang hlabola kapa ka selemo. Artemisia e rata mubu o ntshitsweng metsi hantle, letsatsi le felletseng le mme e reacts hantle ho pruning e hodimo. Ka lebaka la disebediswa tsa sebolaya dikokwana se nepahetseng Artemisia ke semela sa kopanelo se sebetsang ho fokotsa kgatello ya dikokwanahloko tshimong. (Bala haholwanyane ka dimela tsa kopanelo). Artemisia e hlaha e fumanwa altitudes tsa ho fihla 2 500m ka thoko ho mohodi wa mahwatata. Ha jwale e (2012) e lengwa ka ho lenkantshwa KwaZulu-Natal Midlands, Mpumalanga (Nelspruit, Gauteng, Pretoria), Kapa botjhabela le profinsi ya Limpopo.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Sebongile Sonopo