Kotulo ya Merara ya Veine

©Louise Brodie
Pele o kotula ho bohlokwa ho etsa moralo. Moralo wa ho kotula o tla kenyeletsa kotulo e lebeletsweng (ka ditone), letsatsi le lekanyeditsweng, bongata ba basebetsi ba hlokehang, ho renta disebediswa le ditjeo tsa ho tsamaisa merara ho isa ho barekisi ba veine.
Ho lokelwa hape ho etswe phano ho lekanyetsa moya wa dikhemikhale merareng nakong ya ho ditsamaisa, ho fokotsa hore di utlwe bohloko ho etsa bonnete ba polokeho le maemo a bohlweki. Disebediswa tse hlokehang bakeng sakotulo ya merara ya veine di ka kenyeletsa:
Terekere kapa diteraka ka dibimi tsa morara
Dikereiti tsa kotulo le karolo bakeng sa mosebeletsi e meong le e mong
Karete ya tlilipi (dikarete tsena kgona ho hlahisa nomoro ya dikereiti tse nkuweng ke mosebeletsi e mong le e mong)
Dintlwana tse tsamayang le metsi bakeng sa ho nwa
Mokotla wathuso ya pele mmoho le dipolastara.
Sesebediswa sa tekoya kganya bakeng sa teko ya tswekere meraraeng e kotutsweng.

Ho Kotulwa ka Letsoho Merara ya Veine

©Louise Brodie
Dihlopha tse butswitseng di kgaotswe ka ho kotulwa ka karolo le ho behwa ka hara makereiti a kotulo. Dikereiti tsena hangata di bewa ka tlasa kapa haufi le sefate. Ha dikereiti di tletse, di ilo tshelwa ka hare ho terekere kapa teraka ya kotulo. Dibimi tsa morara ke dipolasitiki tse kgolo kapa ditshelo tsa tshepe tsa boholo ba ditone 5-6, empa ditshelwa ha nyane ho fokotsa ho utlwa bohloko le ho etsa lero mmoho le kgoneho ya metswako dikhemikhale le moya wa lero. Bahlahisi ba bang ba kgetha ikisetsa dikereiti ho barekisi ho fokotsa ho utlwa bohloko le lero le qhalanang.

Ho Kotula ka Metjhini Merara ya Veine

Mokotudi a ka sebedisa metjhini bakeng sa hokotula morara wa veine. Sena se etsahala ka hetswa ha tsamaiso ya ho balla mme e sebediswa bakeng sa kgefutso e hodimo.
Makala a tlosa difateng ka ho tlosa melamu le latwa ha menokotshwai ka biming ya kotulo ka motjhineng ha makgasi a tloswa kgatellong e hodimo ya moya.
Menyetla o moholo ya metjhini ya potlaka, merara e iswa morekising ka pele haholo ho feta tse kotutsweng ka matsoho. Sebaka se seholo sa tshimo se ka kotulwa ka letsatsi, tshebetso e boima e ya hlokahala mme ho kotulwa nakong e phodileng ya letsatsi. Sena se bohlokwa haholo ho etsa bonnete ba boleng le moya le dikhemikhale merareng.
Ditlamorao tsa ho kotula ka metjhini di kenyelletsa kgoneho ya tshenyeho ya letlobo la merara le hore e kulang kapa e sa butswang e kotulellwa mmoho le e sa phetseng hantle.

Translated by Sebongile Sonopo