Ke Hobaneng ha ho Lengwa Dijalo?

© Participatory Guarantee Systems SA

Mathata a hona jwale a dijo le a dichelete a lefatshe ka bophara a bontshitse ho se kgonehe ha dikhemikhale tsa temo ho fokotsa tlala le bofutsana. Mekgwa ya dikhemikhale ya indasteri ya temo e tlatsetsa ho futhumala ha lefatshe le ho timetswa ha mefuta-futa ya dihlodilweng le mehlodi ya tlhaho e kang metsi le mobu. Ho feta moo, mofuta ona wa monoculture (ho lema ha sehlahiswa se le seng) o ile wa boela wa fella ka timetso ya mekgwa ya setso kapa ya matsoho ya temo.
Mokgatlo wa ho hanyetsa o ntse o eketseha lefatsheng - 'temo ya tikoloho' e hlahiswa mme e sebediswa e le mokgwa o mong wa ho sebediswa ha dikhemikhale. Sepheo ke ho matlafatsa dihwai ho laola thepa ya bona ya tlhaho mme kahoo ba laola tikoloho ka tsela e tsitsitseng.
Leha ho le jwalo, temo ya dimela e nkile foromo moo ho dumellanang le tefiso ya dihlahiswa ke dintlha tsa bohlokwa. Mofuta ona wa "temo" o susumelletsa mokgwa wa diindasteri wa temo moo morero o ka sehloohong e leng phaello. Temo ya dimela Afrika Borwa e tletse diphapang. E nngwe ya dintlha tsena ke setifikeiti sa mobu se kgahlanong le melao-motheo ya tikoloho ya dintho tse phelang, mme maemong a mangata e theko e boima haholo ho dihwai tse ngata tse nyenyane.
Mekgatlo e Afrika Borwa, India le Brazil e sheba mekgwa e meng e kang ya Participatory Guarantee System (PGS) moo dihwai ka bobona di tiisang hore dihlahiswa tsa tsona di na le tikoloho kapa tlhaho. Tsamaiso ena e tlosa mokgwa wa theko ya boiphediso wa batho ba theko e tlaase mme e beha dihwai tse bohareng ho tiiso kapa tsamaiso ya tiiso. PGS e nkwa e le sebaka se fapaneng le tikoloho ya boraro mme e loketse bahlahisi ba fokolang.
Temo ya dimela ke ho hlahisa dimela le diphoofolo tumellanong le tlhaho ntle le tshebediso ya dikhemikhale tse kotsi le ka ho sebedisa disebediswa tsa tlhaho ka mohlala, tlhahiso ya dikokwana-hloko, taolo ya dikokonyana le ntlafatso ya mobu. Phello ke dihlahiswa tsa dikhemikhale le dihomone tse nang le vithamine e phahameng e se nang dikokwana-hloko tse fetotsweng ka diphatsa tsa lefutso (di GMO) - tsena ke dimela, diphoofolo kapa dikokwana-hloko tse nang le diphatsa tsa lefutso tse fetotsweng kapa tse fetisitsweng ho tswa mefuteng e meng ya dikokwana-hloko.

Translated by Bongani Matabane