Kakaretso ya Basil

© Louise Brodie

Lebitso la saense: Ocimum basilicum
Lebitso le tlwelehileng: Basil or Sweet Basil

Basil etsebahala ka hore e hlaha India. Kajeno e jalwa lefatshe lohle ka boforeshe le makgasi a omelletseng mmoho le oli e bohlokwa.

Tlhaloso ya Semela

Muru wa basil o hola ho fihla 700 mm ka bolele mme o nale kutu e Herbaceous e bang thata e be patsi ha semela se ntse se hola. Makgasi a motopo a botala bo kganyang a kgidikwe motheong mme a motsunyana. Makgasi a hola hofihla 80mm ka bolele le 30 ho isa 50 mm ka bophara. Mefuta e meng e nale makgasi bokgubetswana. Ebang semela se tlohelwa ho hola mmala o mosweu ho isa perese bo hlakileng wa palesa o tla bonahala mme o ye peong.

Tshebediso

Basil e lengwa bakeng sa makgasi a yona a nkgang ha monate a sebediswang a le foreshe kapa a omme le bakeng sa tshebediso ya oli e bohlokwa. Makgasi a foreshe le a ommeng a sebediswa bakeng sa tatso mme hape a jewa a le tala disalateng.
Basil e tsebahala ka tshebediso ya meriana bakeng sa lehlatso, tshilo le ho ruruha. E sebediswa ho fokotsa letsho jwalo jwalo ka ha ena le diketso tsa kgohelo. Basil enkuwa hape bakeng sa hloho e opang haholo le thusa ka lefu la howa.

Ditlhoho le Tukiso ya Mobu

Basil e hola hantle mobung wa lehlabathe o ommeng o nang le tlhaho e hodimo. E ka hola le mobu o fapaneng moo honang le pH ya 4.5 ho ya ho 8, empa e hola hantle mobung wa pH ya 6.5.
Ha o lokisetsa sebakeng sa semela ho bohlokwa kenya manyolo a tlhaho haholo kapa mobu o laotsweng. Sena se lokelwa ho lengwa kgweding pele ho jalwa ho fa lehola monyetla wa ho hola. Mobu o lokelwa ho ba desik e harakuweng ka bekeng pele ho jalwa ho tlosa lwhola hape le ho etsa mobu boreledi sebakeng sa ho jala.

Motjheso

Basil e hola hantle maemong a motjheso wa 12°C le 28°C. E hloka motjheso ho hodisa ka hodimo ho 20°C. Semela sa basil se tshaba lehlwa. Motjheso o mongata kapa serame se senya semela sa basil le makgasi a yona a boi.

Dimela

Bakeng sa tlhahiso ya thekiso, dimela tse tsebahalang ke: Anise, Camphor, Cinnamon, Dani, Dark Opal, Genovese, Large leaf, Lemon, Mammoth, Purple ruffles le Sweet.
Ho molemo ho fumana keletso ya selehae kwetlisong ya kgodiso le khampani ya peo hore ho loketse mefuta efe bakeng sa thekiso e ikemiseditseng.
O seke wa lema letho ntle le ha thekiso e ka tsebahala pele.

Translated by Sebongile Sonopo