Jeokrafi ya Richtersveld

Jeokrafi

©Shem Compion
Pele re ena le boikemisetso, a re iphe nako ya ho itlhalosa ka boemo ba sebaka seo. Mabapi le sebaka seo, sebaka se seholo sa Richtersveld se ka bolelwa hore se theha setoro se boima ka hodimo ka letsohong le letshehadi la Afrika Borwa. Meedi ya disekwere ena e latelang: moeding o ka bophirimela ke lebopo la Atlantic, ho tloha Alexander Bay ho ya Port Nolloth; ka borwa, ke tsela ya R382 e tsamayang ho tloha Port Nolloth ho ya Steinkopf (eo e kileng ya eba seteisheneng sa boemedi ka dikhilomithara tse 90 ka hare ho naha); karolong e ka bophirimela, ke tsela e kgolo ya N7 e tswang Steinkopf ho ya fihla moeding wa Namibia ho Vioolsdrift; mme ka leboya, ke Orange River (kapa !Gariep, e bolelang 'noka e kgolo' ka puo ya batho ba Nama) me mokgatlo ona o moholo wa metsi o tshwaya moedi wa machaba pakeng tsa Afrika Borwa le Namibia.

Ho bua ka dipolotiki, Namibia e ka borwa hase karolo ya Richtersveld, empa ho bua ka dintho tsa tlhaho, e tshwana haholo. Karolong e ka borwa ho Afrika Borwa, motse o moholo ka ho fetisisa ke makgulo a matala a lerole a Springbok, hoo e ka bang 60 km ka borwa ho Steinkopf tseleng ya N7.

Korostina

©David Fleminger
Richtersveld Community Conservancy e bohareng ba sebaka sena se sekoti, e kwetsweng ke naha ya ho fula ka borwa le bophirimela, ka tsela e kgolo ya N7 le Nababiep Nature Reseve ka Botjhabela, le Dithaba tsa Vandersterre tse ka leboya. Ka nqane ho Dithaba tsa Vandersterre ke Serapa sa Sechaba sa Richtersveld, e yang lebopong la Orange River. Sebaka pakeng tsa lebopo le dibaka tsena tse pedi tsa tlhokomelo di tshwarwa ka matsoho mme di sebediswa haholo bakeng sa mesebetsi ya morafo.
Haeba re atolosa hanyane, re tla bona hore Richtersveld e ka lehlakoreng le ka hodimo le letshehadi la sebaka se seholo sa Namaqualand. Ena ke lentswe le hlokang tlhompho le ka hlaloswang ka ditsela tse fapaneng. Jwalokaha Willem Steenkamp a pheta ka ditemoso tsa hae, Land of King's Thirst, 'Sebaka seo se tshwana le korostina. Haeba o batla ho phela ka hare ho meedi ya sona oe otlolla ho ya fihla Vredendal. Empa haeba o sa rate ho bitswa Namaqualander oe qeta ho fihlela e fela ho Garies, mme ke sona seo.'

Ya Succulent Karoo

©Roger de la Harpe
Leha ho le jwalo,Ho latela thuto ya saense ya dimela, Namaqualand e hlaloswa e le 'karolo ya Succulent Karoo e nang le tshusumetso e matla ya pula le mariha'. Ka mora tlhaloso ena, moedi o ka borwa wa Namaqualand o tswa molomong wa Olifants River, haufi le Vredendal, ho ya fihla botjhabela ba Dithaba tsa Matsikamma tsa Vanrhynsdorp. Moedi o ka botjhabela o latela Matswapo a Bokkeveld, a pakeng tsa Nieuwoudtville le Loeriesfontein, mme ho tloha ka leboya-bophirimela, ho ya fihla lebopong la Lüderitz Namibia.
Leha ho le jwalo, ho latela maikutlo a dipolotiki, Setereke sa Namaqua se na le dihlopha tse mmalwa tsa tikoloho tse fapaneng haholo le Succulent Karoo. Ka hona, karolong e ka leboya, e phallela haufi le Orange River e tsheptjwang ho tloha Alexander Bay ho ya Pofadder (Bushmanland). Ka bophirimela, e latela lebopong la lewatle la Atlantic ho fihlela dikhilomithara tse 35 ka borwa ho Garies. Ho tloha mona, o fetela ka botjhabela le ho ya ka borwa ho Hantam Karoo (ho akarelletsa le metse ya Loeriesfontein, Nieuwoudtville, Calvinia, Sutherland le Fraserburg).

Phihlelo ya Palesa ya Selemo

©Roger de la Harpe
Qetellong, ka dipalesa tsa naha, tsena di etsahala ho pholletsa le sebaka sa Namaqualand, ho kenyeletsa le Richtersveld e bonahalang e le nyopa. O boetse o fumana dipalesa tse hlaha karolong e ka borwa ya Vanrhynsdorp, moo ho thoeng ke moralo wa Sebaka sa Dipalesa tsa Kapa (kapa Fynbos). Le hoja di le dikhilomithara tse makgolo tse fapaneng, metse ya Springbok le Nieuwoudtville hangata e nka ditsi tsa dibaka tsa dipalesa tsa selemo. Sebaka se hlahisang Namaqua National Park, haufi le toropo ya Kamieskroon, ke sebaka se seng se setle sa dipalesa. Ntho e ikgethang ka ho fetisisa ya dipalesa ka ntle ho Namaqualand e ka fumanwa dithabeng tsa Cederberg, haufi le lebopo le haufi le Elands Bay le West Coast National Park e Langebaan (e leng sebaka se haufi le ho ya Motse Kapa).

Translated by Bongani Matabane