iSimangaliso Wetland le Letsha

Sebaka se Maktsang

©Roger de la Harpe
Seo re neng re se tseba ka KwaZulu-Natal's Greater St Lucia Wetland Park se se se fetotswe ka molao ho ba Isimangaliso, ‘sebaka se makatsang’, ke ka moo se bitswang ka teng ka leleme la selehae mme ke lebitso le e tshwanelang haholo. Paka e na e mefuta futa ena e metle, e nale dintho tsametsing, mabopo, letsha, melapo, meru, makgobokgobo, mefero le jwang, e lohellana le bophelo bona bo hlaha mmoho le dishala le dikwena ho isa dintsung le ditshukudu. Hape isimangaliso di Lake St Lucia, mmele o moholo o moholo o ka hara metsi Afrika Borwa, le dikoraleng tsa mabopo Afrika e borwa boholo.

Letsha la Sibaya

©Roger de la Harpe
Theho botjha le mokgwa wa thehello o kgotfalletswe ke naha ya rona o ka ferekana ka nako trse ding, mabitsi a pele ho bokoloniale ka kakaretso a nang le matla ho feta mabitso a bokoloniale mme ho nale phepetso ya ho fetoha ha mmapa e tla tswang e re, mohlala (Umfolozi/ uMfolozi/Mfolozi /Mfolosi/lmfolosi). Ha jwale ho kgoneha hore lebitso le letjha la lebopo la tlhaho mona Afrika Borwa ke Sibayi, ho ena le hore e be Sibaya.
Ka nako tsohle lebopo lena la Zululand le dula le tletse ditlhapi, dikubu le dikwena. Ha letsatsi le dikela dintsu le dinonyana di fofa hodima metsi ho aha difateng tsa meru, mme dikubu di qala ho qhomelana le ho ahlamelana, ho taka ka mmala o motsho le o mokgubedu ke e meng e oylohileng ya nako ya kgale, pele re eba le dikomporo le di 4x4. Ho hotle ha o e bonela seketswaneng, ka mora seo o tla se emeisa mabopong mme batho ba phelang moo ba entse tafole e entsweng ka dithupa.

Letsha la Ku-Hlange

©Roger de la Harpe
E tsebahala hape ka letsha la Kosi, letsha la Ku-Hlange ke e nngwe ya letoto la dihlooho hokahangwa le mabopo a lewatle e tsebahalang haholo ka ho tshwaswa ditlhapi ke MaTsonga. Sebopeho sa yona ke sa botjhaba, e sefa ditlhapi ho ya lesakeng le leholo, e sebopeho sa katiba ya sefi. Difi di nale kamano ya setswalle, ha di dumelle feela ditlhapi tse nyane le ditho tse amanang le metsi, empa di entswe ho tswa patsing ya selehae le tlamahanngwa mmoho le makgasi a dihlahla sefate sa raffia se holang sebakeng se haufi.
Difi di fetala fatshe ho tswa ho ntate ho ya ho mora, di tswa dilemong tse 700 moo MaNguni a neng a phela metsi ka morao. Letsha holetse haholo ka leboya la isimangaliso Wetland Park le mme molomu o le 3km ka borwa ba bodara ya Mozambigue.

Translated by Sebongile Sonopo