Ho Laola Fungal ya Manyoro

© Louise Brodie

Di fungus di ka ba thata ho laola tsamaiso ya temo; di fungicides tse mmarakeng ha di tshwanelehe bakeng sa temo ya dijalo. Hangata di fungicide tsa kgwebo di atisa ho sebedisa dinyanyatso. Mokgwa o mocha wa ho laola fungus ke ho fana ka di fungus tse molemo. Ke mokgwa o tlwaelehileng haholo wa mokgwa wa ho laola. Di fungus tse molemo di teng ka bongata mme di hlodisana le di fungus tse kotsi.

Di fungus tse ngata di molemo ho lwantsha di fungus tse mpe le ho di leleka kapa ho di fedisa. Ho na le mefuta e fapaneng ya di fungus tse ka sebediswang, empa tse tsebahalang haholo ke Bio-trichio. Sebedisa di fungus tsena ho dimela le mobu. Hoo e ka bang tsohle di fungus di ka hlaselwa ke phofo ya sebabole.

Tsela e nngwe ke ho fafatsa tharollo ya asene e meraro e kopantsweng le litha e le nngwe ya metsi. Tsela e tlwaelehileng ya taolo ya dimela tse nang le di fungus ke ho e fafatsa ka motswako wa lebese le metsi. Motswako ona o na le kopi e 1 ya lebese, dikopi tse 4 tsa metsi le kgabana e 1 ya sesepa se hlatswang dijana. Lebese le na le di fungus tse ntle tse tla feta di fungus tse kotsi.

Sesepa se tlosang matheba se thusa motswako hore o tlamahane le makgasi mme o se ke wa theoha feela. Dihwai tsa Amerika di sebedisa di fungus tse molemo ho fokotsa dikokwana-hloko. Dikokwana-hloko tse kang Trichoderma (T. koningii le T. harzianum), Streptomyces griseoviridis le Bacillus subtilis di tsamaiswa ka metso kapa di sebediswa ho tshwara peo pele di lengwa.

E ntlafatsa dikokwana-hloko tse molemo mobung mme e kgothalletsa kgolo. E sebedisetswa mafu a kang Pythium, Rhizoctonia, Botritis, Scelerotinia, Fusarium, Phomopsis, Alternalia le Aspergillus.

Translated by Bongani Matabane