Ho Jalwa Ha Makgulo

© Alan Manson

Moo makgulo a seng a le teng ,sehwai se ka nka qeto ya ho fetola makgulo ka ho jala peo e ngata ho tlola tekanyo kapa ho laola makgulo a seng a le teng. 

Ebang makgulo a na le 40 - 75% ya dimela, makgulo a matjha a ka jalwa ka ho eketsa peo ho ona makgulo a seng a le teng, empa ebang ho setse makgulo a ka tlasa 40%, ho ka ba molemo haholo ho qala makgulo fatshe.

Ha ho lokisetswa ho jala makgulo, ka bobedi sebaka sa ho jala le mofuta wa mobu di na le seabo sa bohlokwa ho nkeng qeto ka mofuta wa semela sa makgulo se ka jalwang. Ebile hona ho tla kgona le ho kgetha mokgwa o nepahetseng wa ho jala.

Ka nako tsohle sebedisa peo e ntjha, ya boleng bo hodimo mme pele o jala dijo tsa peo, netefatsa ho enta peo ka mofuta o nepahetseng wa baktheria ya Rhizobium ho dumella ho tiya ha nitrogen mobung.

Kopa keletso ho motho ya o fepelang peo mabapi le ho kgetha sebaka sa ho jala le peo.

Ho Kgetha Sebaka Sa Ho Jala Makgulo

©Kim and Forest Starr

Tjhai ya makgulo e tla susumetswa ke makgabane a mobu le ho nona ha oona. Mohlala, sebaka sa mobu o ka tlase ho o ka hodimodimo o ka thibela ho kenella hare ha metsi, mme hona ho bake mobu o ka hodimo ho tlala metsi. Makgulo a ratang mongobo a kang Napier le jwang ba bana e ka ba kgetho e ntle.

Motheo wa mobu o ka ba le tshusumetso ho phalleng ha metsi le kgoholeho ya mobu ho ka nnang ha qobella hore ho nkwe mehato e kang ho etswa ha mabopo le methati. Ho fokotsa sekgahla sa ho phalla ha metsi motheong, jwang bo holang bo paqame le jwang bo bopang makwete bo ka jalwa ka mela e sephara. Hona ho tla eketsa le ho kenella ha metsi mobung. 

Moralo Wa Makgulo

Qala ho lokisa mobu dikgwedi tse 6 - 12 pele ho lengwa. Pele o jala semela sefe kapa sefe, ho bohlokwa ho hlahloba mobu ho lekola ditlhoko tsa kgaello ya dimatlafatsi le pH ya mobu. Tlhahlobo ena ya mobu e tla thusa le ho kgetha mofuta wa dimela tsa makgulo tse loketseng mobu wa hao.

Kamora moo, dimatlafatsi di tshelwa mobung hammoho le ntho tse putisang ho kgothaletsa bophelo ba dibaktheria tse phedisang mobung. Kenyeletsa diphetoho tse hlokehang, menontsha le dimatlafatsi ka nako ya ho lokisetsa sethopo kapa ya ha o jala. 

Ho Lokisetsa Sethopo

Boholo ba peo ya jwang le dijo-thollo e nyane mme ho bohlokwa hore sebaka sa ho jala se lekane, se hloke mofoka mme se tsitse.Peo e hloka metsi ho hola le ho medisa metso, mme ho kopana ha peo le mobu ho bohlokwa haholo ho netefatsa ho atamela ha mongobo peong.   

Ho lokiswa ha sebaka sa sethopo ho itshetlehile disebedisweng tse teng. Ebang ho qalwa botjha makgulo, ho phetholwa ha mobu ho tlwaelehileng ho ka etswa empa ebang ho lokiswa makgulo a seng a le teng, ho ka sebediswa mokgwa wa ho se phethole mobu. 

Ho jalwa ho ka etswa ka mekgwa ya ho phethola kapa ho se phethole mobu. Mekgweng ya ho phethola mobu, sebaka sa sethopo se ka lengwa le ho arolwa ka disc ho lokisetsa sethopo le mekgweng ya ho sa phetholwe ha mobu, peo e jalwa ntle le ho sitiswa ka metjhini. 

Mokgwa o tlwaelehileng wa ho jala o lokela ho sebediswa ha ho hlokeha sebaka se lekalekanang sa sethopo. E thuha makwete a maholo mme dihwai tse ding di bolela ha hona ho futhumatsa mobu kapele mme ho thusa ka tekatekano ya makgulo. 

Le ha ho le jwalo, ho phetholwa ha mobu ho tlwaelehileng ho ka fetola sebopeho sa mobu mme ha baka kgoholeho ya mobu.

Ho sa phetholwe ha mobu ho kenyeletsa ho kenya peo ka kotloloho masalleng a makgulo. Masalla ana a lokela ho fokotswa pele ka hore ho fulwe haholo kapa ho helwa furu. Mekgwa ya ho sa phethole mobu e fokotsa kgoholeho ya mobu le ho boloka mongobo mobung empa sethopo se ka nna sa hola ka monyebe le ho se lekalekane.

Nako e Ntle Ya Ho Jala

Ha ho jalwa makgulo, nako kapa letsatsi la ho jala le hlokolosi. Ho pepeneneng, kgetho ya makgulo- tse holang lehlabula kapa tse holang mariha ho tla kgetha nako ya ho jala. Hantlentle, sehwai se hloka ho ba le makgulo ka nako ya kgaello ya dijo kapa nakong ya komello. 

Moralo wa nako ya ho jala ho tla kgetha le hore makgulo a tla kotulwa neng. Hopola hore makgulo a ke ke a fulwa feela empa a ka bolokwa a le matala kapa e le furu.

Mofoka o ka kgetha nako ya ho jala, mohlala, ho jalwa ha makgulo ka selemo kapa mathwasong a lehlabula ho ka fokotsa ho hola ha mofoka wa mariha.

Mokgwa Wa Ho Jala

©AnnaJB

Peo ya makgulo e a hasanngwa empa ka nako tse ding ho jala makgulo ka mela ho a kgothaletswa. Ka tsela ena, ho ka sebediswa motjhini ho jala peo ka mela, mohlala, moo makgulo a qalwang botjha ka mela e sephara dipakeng tsa dimela tse tla rekiswa.

Ho bohlokwa ho jala peo botebong bo nepahetseng hore kgolo e be e ntle. 

Ho jalwa ho ka etswa ka letsoho kapa ka motjhini o laolwang ka letsoho. Motjhini o jalang koro o tlositsweng meno/dithipa o ka sebediswa le oona. Ka tsela ena, peo e tla wela mobung o ka hodimo eseng ho teba ho feta moo. Ka lehlakoreng le leng, motjhini o jalang peo e tshesanyane o sebedisetswang tlhahiso ya meroho o ka sebediswa. Peo e ka nna ya kopanngwa le phosphate kapa kalaka mme ya jalwa ka motjhini o fafatsang kalaka. 

Ho ka sebediswa le mokgwa wa ho fata ka kotloloho. Mohlala, ho a kgoeha ho kenyeletsa jwang ba rye le clover makgulong a seng a le teng a nang le dijo-thollo tse ngata ka ho fata ka kotloloho kapa ka ho jalella masalla a semela se fetileng. Hona ho etswa ho teteanya makgulo kapa ho kenyeletsa jwang ho makgulo ka nangle dijo-thollo tse ngata. Mokgwa ona o ke ke wa sebetsa ka cock’s foot, fescue kapa lesere.

Translated by Maletsatsi Sejake