Ho Hlokomela wa Leloko ya nang le HIV/Aids

Setloholo le mora wa Nothando Kbukeli ba ile ba fumanwa ba ena le kokwanahloko ya kwatsi ya bosolla hlapi. Setloholo sa hae, Sandiswa, o foufetse mme o nale disiki tse ding tse fapaneng. Nothando o arolelana ka moo matla a hae a neng a a fumana ka teng le ka moo mokgatlo wa GAPA (Grandmothers Against Poverty and Aids) o ileng wa motshehetsa ka teng.

Sandiswa o lwana le HIV/Aids

©Eric Miller

Setloholo saka se seholo, Sandiswa, o nale dilemo tse18 o foufetse. Ha a ne a ena le 14, ile a qala hoba le seso se seholo hlohong. E ne ele letshwao la pele le bontshang hore o nale HIV. Ke ikemiseditse ho buwa jwalo hobane ke amohetse sepheto sa teko ena.

Ho bohlokwa ho amohela sepheto sa teko ena pele o sebetsana le yona ka ho teba. Ebang ho ena le tumelo kgolo setjhabeng sa rona, nka phela le yona. Ke nale matla. Re ile ra ya sepetlele sa Groote Schuur, sepetlele se seholo sa mmuso Cape Town, ha Sandiswa a ne a fumanwa ka kokwanahloko mme dinagaka tsa re tsebisa hore kokwanahloko e se e phahame haholo.

O ne a enwa dipilisi tsa laolang kokwananhloko nakwana, empa o ne a sa dinwe ka mehla ka tsela e nepahetseng. Dingaka di re ke ka hoo a seng a sa bone. Ka Labone re ile ra kgutlela ngakeng hape. O ile a re o nale lefu la lefuba (TB), empa e ka fola. O otile haholo e bile o a kula mme o ferekane haholo hobane ha a sa kgona le ho buwa, le ho bo metswala ya hae. O dula feela a patile hloho ya hae.

Boikarabelo ba Nkgono

©Eric Miller

Sandiswa o ne a ya sekolong a sa bone Worcester, e leng se nepahetseng bakeng ss hae. Mafelong a beke, o ne a tla ho nna. Ke ne ke mohlokomela, ke hlatswa diaparo tsa hae le ho mothusa ka ntho tsohle tseo a di hlokang. Ke mosebetsi o moholo haholo. Ka nako e nngwe boima baka bo ne bo nsithabetsa. Ke nale boikarabelo bo boholo ba ho hlokomela ditloholo, ka lehlakoreng le leng ke nalelefu la tswekere, kgatello ya madi le serame sa masapo.

Ho ne ho ena le dinako tse ngata moo ho neng ho sena letho leo nka le etsang, ke sithabetse ke bohloko ba se etsahalang lelokong la mme ke ne ke dula ke lla. Mofuta ona wa bohloko ha bo fele. Ha o nahana ka bona bo kgutlaka matla. Mora waka Andile, o nale HIV le yena mme o senotse sena mme ke ramafolofolo. O phetse hantle. O ya tlilinikingho lo eletsa ba etsang diteko. O matla.

Matla a Nkgono

©Eric Miller

Bophelong baka ba letsatsi ka leng, ke nale matla. Bo nkgono mokgatlong wa Grandmothers Against Poverty and Aids ba ile ba nthusa haholo. Re fanana tshehetso, e leng se etsang ke rate GAPA. Ke ithutile moo hore kaofela ha rona re arolelana boima bo le bong.

Re fanana dikeletso mme rethusane. Ka nako tse ding ha ke kgone ho ya ka lebaka la hore ke mong mona lapeng, mme kenna ya lokelang ho hlokomela ditloholo tsaka, haholo Sandiswa. Ho nale dintho tse pedi feela tse bohlokwa bophelong baka, ho hlokomela ditloholo tsaka le ho ba ngaka. Ha hona ho hong ho bohlokwa honna.

Translated by Sebongile Sonopo