Ho Fufulelwa Ha Semela Ke Eng?

© Laurel Jules

Ho fufulelwa ke ha semela se lahlehelwa ke metsi ka tsela ya phufodi. Motjheng oo, metsi a tswang semeleng a nyamella sepakapakeng. Sena se baka kgatello e kgutlelang morao mme e kgothaletse metso ya semela ho monya metsi a tswang mobung.

Hobaneng Ho Fufulelwa Ha Semela Ho Le Bohlokwa?

Ho fufulelwa ha semela ke tsela ya ho qobella metsi ho kena kahara semela. Ha metsi a fetoha mouwane mahlakung, metsi a a hulwa ho tswa mobung, a tsamaise dimatlafatsi kahara semela ho ya diseleng tsa semela bakeng sa photosynthesis. Photosynthesis ke tsela eo ka yona dimela di sebedisang matla a letsatsi, metsi le meya e kang carbon dioxide ho iketsetsa mehlodi ya matla, e leng tswekere ya glucose. Hona moo, ho hlahiswa moya wa oxygen. 

Taba ya bobedi, ho fufulelwa ha semela ho a hlokeha ho phodisa semela, jwalokaha batho ba fufulelwa matsatsing a tjhesang. Qetellong, ho fufulelwa ha semela ho a hlokeha ho boloka kgatello ya metsi kahara disele tsa semela. Kgatello ena e bitswa turgor. E thusa ho tiisa disele e le ho tshehetsa semela.

Ho Fufulelwa Ha Semela Ho Etsahala Jwang?

Metsi le dimatlafatsi di monngwa ke metso mme di tsamaiswe kahara semela. Dibakeng tse pakeng tsa disele, metsi a a fetoha ho tloha mokedikeding ho ba moya ho etsa phufodi. Phufodi ena e pholletsa semeleng ka masobana a bitswang stomata, e leng menyako e menyenyane mahlakung a semela - jwaloka masobana a mofufutso a bathong.Boholo ba stomata bo laola tahlehelo ya metsi semeleng. Ke metsi a manyane haholo a monngwang ke metso a sebediswang kahara semela. A setseng a lahleha ka nako eo semela se fufulelwang ka yona.

Dintho Tse Susumetsang Ho Fufulelwa Ha Semela

Ho fufulelwa ha semela ho itshetlehile themphereitjhareng, moyeng le ho phapang ya kgatello ya phufodi e kahara semela le e kantle ho sona.

Dintlha tse latelang le tsona di ama sekgahla sa ho fufulelwa ha semela:

Climate
Dintlha tsa climate tse jwaloka themphereitjhara ya moya, mongobo o moyeng le moya. Mohlala, maemong ao moya o ommeng o fokang, ho fufulelwa ha semela ho potlakile ho feta matsatsing a phodileng ebile a kolobile.

Mobu
Dintlha tse kang boteng ba metsi mobung: Ha metsi a le manyane mobung, ho tla ba le phepelo e lenama metsong ya semela. Mobung o letsopa, sekgahla sa ho fufulelwa ha semela,masobana a manyane a pakeng sa makumane a lehlabathe, le mobu o letswai, e leng letswai le lengata, sekgahla sa ho fufulelwa ha semela ho tla ba monyebe.

Semela
Sekgahla sa ho fufulelwa ha semela se boetse se susumetswa ke mofuta wa semela le boemo ba kgolo ya semela. Dimela tsa xerophytic, tse mamellang komello, di fokotsa sekgahla sa ho fufulelwa ha semela ka ho bula stomata bosiu feela. Hangata, dimela tsena di na le bohwete mahlakung a tsona ho fokotsa kgahlamelo ya kganya ya letsatsi le moya.

Dimela tse ding di ka kwala stomata boemong bo matla ba kgatello ya bosiyo ba metsi.   

Mafu a dimela
Mafu a ho bola ha metso ya semela a fokotsa bokgoni ba metso ho monya metsi mme hona ho fokotsa sekgahla sa ho fufulelwa ha semela.

Tshireletso
Dimela  se kwahetsweng ka matlowa di fufulelwa hanyane. Sena ke ka lebaka la tshireletso e eketsehileng kgahlano le moya le kganya ya letsatsi e otlolohileng hammoho le mongobo o phahameng ka tlasa matlowa. 

Ho Fufulelwa Ha Semela Ho Lekanngwa Jwang?

Sekgahla sa ho fufulelwa ha semela ho ka lekanngwa ka mekgwa e fapaneng:

Mokgwa wa boholoholo ke wa ho lekanya diphapang tse teng tsa metsi a teng mobung sebakeng sa metso ya semela ka disebediswa tse kang tensiometers, resistance blocks le neutron probes. Sekgahla sa ho fufulelwa ha semela se ka boela sa lekanngwa ka ho beha leihlo diphetoho tse bang teng boimeng ba lysimeters ho bokahodimo ba mobu bo kwahetsweng ka mulch ho fokotsa mouwane mobung.

Mekgwa we tswetseng pele ya ho lekanya sekgahla sa ho fufulelwa ha semela e kenyeletsa disebediswa tse sunngwang ha moshwelella mobung ka dikgokahanyo, ka tsela ya seyalemoya kapa mohala wa thekeng, ho ya dik’homphuthareng hammoho le mokgwa wa ho lekanya ka mahlasedi a infra-red le setshwantsho tsa sathalaete. 

Ho lekanya ho fufulelwa ha semela dimeleng tsa difate, mohl. ditholwana, ke ho lekanya ho kolla ha lero kutung ka ho ela hloko diphapang tse teng bophareng ba kutu kapa ho beha disebediswa tse lekanyang ka botebo kahara kapa hodima kutu ya sefate. 

Translated by Maletsatsi Sejake