Ho Fepa Dikgomo tsa Lebese

©Rykie Visser Agrinet/Gibson Supplies
Palo ya lebese eo kgomo ya lebese e tla e hlahisang letsatsi le leng le le leng e itshetlehile ka lenane la yona la diphatsa tsa lefutso le lenaneo la phepo. Dijo tsa boleng bo tlaase ha dia lokela ho fepuwa dikgomo tse phahameng tsa lefutso. Ho hlahisa lebese ho tla futsaneha le dikgomo tse lahlehelwang ke mmele. Di tla ba tse fokolang tse tla ba le tshusumetso e mpe ho tswalo ya bona. Dikgomo di feptjwa sela dijo tse kang lekgulo, furu kapa silage. Nako ya ho fepa ya dirafshwa e fapana ho tloha ho futsanehileng (jwang) ho ya ho makgulo a phahameng (a lengwang). Dihlahiswa tsa lebese tsa dikgomo di tla futsaneha le ho feta dihlahiswa tse lengwang.

Tshebetso ya ho Fepa ka Makgulo le ho Fula

©Chris Daly
Ho tshebetso e thehilweng ka makgulo, ho sela dijo ho kotulwa ka dikgomo tsa tsona. Boholo ba makgulo a teng pele ho dijo-thollo bo etsa hore ho be le dihlahiswa tsa dikgomo tsa lebese. Furu e fepelwa ka dikgahla tse boima ba 12-25 kg ka bong. Silage e bokellwa ho tswa ho silage le ho fepa ka mokgwa o hlephileng. (Silage ke jwang bo bocha kapa furu e tala e kopantsweng le ho bolokwa ka maemo a se nang moya.) Silage e na le mongobo o feteng wa furu; ka hona palo e ngata e lokela ho feptjwa ho etsa bonnete ba hore taba e tshwanang e omileng e ja jwaloka furu.
Ho kenngwa ha dijo ho lokela ho tlalehwa hanngwe ka beke ka ho lekanya palo e fepetsweng dikgomo le ho bekga boitsebiso leha e le bofe ba dijo tse setseng. Mokgwa wa ho fula, ho furu e fepelwa dikgomo dijaneng tsa phepo. Ho tswalwa le dilemo tsa dikgomo di ama palo ya ho feptjwa letsatsi le leng le le leng, ke ho ba hodimo ho Holsteins ho feta Jerseys ha dikgomo tse kgolo di hloka dijo tse ngata ka letsatsi ho feta dikgomo tsa pele tsa ho hlahisa lebese. Ho ja dijo ha dikgomo tsa Holstein tsaho tloha ho 18-24 kg ka letsatsi. Dikgomo tsa Jersey, tse nyenyane ka boholo, di hloka dijo tse 12-16 kg ka letsatsi.

Translated by Bongani Matabane