Ho Etsa Manyolo Bakeng sa Tshimo ya Difate tsa Morara

© Marinda Louw
Ka mora sehla sa ho hodisa dikwetla tsohle tse hlokehang bakeng sa kgolo ya semela le sebopeho sa mobu di se di arabetse mobung ka mokgwa wa manyolo. Manyolo a entswe ka disebediswa tsa tlhaho tse sebetsang jwalo ka dikwetla ho dikokwana e seng semeleng. Disebediswa tsena tsa tlhaho rojwa ke ditomoso, fungi le dikokwana tsa mobu ho fihlela di qhibidiya metsing a katlasa lefatshe ka hoo methapo ya semela e tla a monya. Ka tsela ena dikwetla di fuwa semela.
Ha manyolo sitswe hantle ke dikokwana tsa mobu, ditho tsa tlhaho tsa mobu di ya qala. Ke theo o tsitsitseng wa moya o ditshila. Molemo wa ditho tsa tlhaho tsa mobu di kenyeletsa tshwaro ya diminerale, taolo ya metsi (ditho tsa tlhaho tsa mobu di tiisa ho monya le ho tlamahanya metsi) mme e thusa ho beya taolong pH ya mobu ka ketso ya tshireletso. Manyolo a matle a kenywa mobung bakeng sa ho matlafatsa setshwantsho sa mobu, selekanyetso sa tshwaro ya metsi le ho phahamisa bophelo ba mobu ka ho fana ka ditho tsa tlhaho mobung. Bahlahisi ba bang ba kenya manyolo mobung bakeng sa ho jala dimela tse ntjha. bakeng sa ho jala dimela tse ntjha.
Ho ameha ha manyolo dimeleng ho ka tswelapele bakeng sa dihla tse seng kae. Bongata ba manyolo bo ya ka hore thimo e lenngwe ha kae, boleng ba tshimo bo lebeletsweng ebile e hotswa ka seo mobu o se hlokang le dikwetla tsa manyolo. Ka hoo ho bohlokwa ho tseba dikahare tsa diminerale, pH le meaho e meng ya manyolo ka tekolo pele ho kopo. Le ha hole jwalo, ho lokelwa ho hopolwa hore kganelo semeleng e lokelwa ho lokiswa ka dikwetla tsa makgasi le metswako e meng.
Mokgwao tsebahalng wa manyolo ke di tswa motswakong wa manyolo a diphoofolo a jwaloka a jwalo ka manyolo a mehlape, metswako ya dimela jwalo ka lehlaka, makgasi kapa difate. Matlaka a polasi a jwalo ka makgasi le makgapetla a difate a bodileng, letlalo la morara le matlalo a kapuweng a apesitseng tshimu a ka manyolo.
Palo e itseng moya o hlwekileng le o ditshila o wa hlokeha bakeng sa ho nyenyefatsa dintho tse sabutswang ho leka lekanya manyolo, ebitsa teka tenayo ya CN. Tsamaiso ya dithuto tsa dikokwanahloko e bontsha ha di hloka mongobo, moya o hlwekileng, nako mmoho le maemo a lehodimo 50 - 60°C bakeng sa nako e itse hosenya lehola. Manyolo a lokela ho sileha hantle jwalo ka a tala a ka tjhesa metso ya semela le ho phahamosa tahlehelo ya diminerale.
Kgothaletso ka kakaretso bakeng sa kopo ya manyolo moo ho phetholwa mobu ho etsweng, ke 20 - 30 m³/ha bakeng sa meroho le 10 m³/ha ya sefate sa morara, ditholwana, le dijo thollo. Le ha e kaba bonyane ba 5 m³/ha ya manyolo a dikokwana a ka etsa phapang mobung eleng thuto e bontshang dikokwanahloko tse shweleng. Manyolo a ntsha motswako wa lero la manyolo le metsi a kopaneng le kgase moya o pompuweng, o ka kenywa mobung ka ka ho nosetsa kapa ka ho fafatsa.

Translated by Sebongile Sonopo