Gewurtztraminer

© Altydgedacht Vineyards

Tlhahiso

Ke phetoho ya diphatsa tsa lefutso tsa veini ya morara wa Roter Traminer e holang Germany bakeng sa dilemo lemo. Phetoho ena ya diphatsa tsa lefutso ile ya kgethwa ba keng sa dipalesa le dinoko mme ke engwe ya merara e bohlokwa naheng ya France toropong ya Alsace. Gewurtz e bolela dinoko le tatso e monate ya veini.

Tlhaho

Germany

Mabitso a Mang

Mabitso a mang a tsebahalang ke Roter Traminer le Traminer (Germany), Gentil Rose Aromatique (France) le Clevner.

Tlhahiso Aforika Borwa

E tlisistwe Aforika Borwa ka 1964, ka di 106ha e jetswe ka sefate se seholo se fumanehang Stellenbosch 42ha le Robertson ka 36ha. Boloko bo tsofetseng bo ntse bo le hlahisong mme e jetswe ka 1981 Zevenwacht. Ke mofuta wa morara o sa jalweng haholo, ka 1ha feela mme mofuta ona o fumanwa ka 2016.

Kgolo

E hola ka thata, ka tjhai e fatshe ya 10 - 12ha e hola ka bolelele le ka ho teteana mme marulelo a lekgasi ka hodima sehlahla sa morara a masesane sebakeng sa hore makala a fumana letsatsi bakeng sa ho butswa.

Ho Butswa

Ke morara o butswang qalong ya Hlakola mme ho kotulwa bekeng e latelang.

Menokotshwai

E nale sehlahla se senya sa menokotshwai e kgedikwe, ka Letlalo le nonneng le na leng matla. Menokotshwai e bo kgubedu bo ditshila ha e butswitswe.

Makgasi

Makgasi a manyane a kgedikwe, a ruruhile boholo.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

Di ratwa ke hlobo le oidium mme di rata ho senngwa ke dinonyana le lehlwa ka lebaka la makgasi a hlahang le ho butswa ka mora mariha.

Tshebediso

E hlahisa veini e tshweu e monko monate eo hangata e nang le tswekere e lekangtsweng, empa haholo e sebediswa e le veini e ommeng.

Tatso

E nale tatso e hlahelletseng ya mmala wa palesa le ya litjhi e nkgang monate. E nale esiti e tlase, e nkga ha monate, ka tatso e hlaloswang e le ya kuku ya manyepa, Turkish Delight kapa kgemere. Ha e hlahiswa dibakeng tse phodileng veini e hlahisa mmala o ruileng tatso ya dinoko mme veini etswang merareng e butswitseng ho feta tekano e ba le tshwaetso ya ho bontsha peinapole.

Translated by Sebongile Sonopo