Gazania
Tsikitlana

© David Fleminger
Terracotta Gazania.

Lebitso

Tsikitlana (Terracotta Gazania)

Lebitso la Selatini

Gazania krebsiana

Tlhaloso

Tsikitlana ke semela sena se hola se paqame kgahlano le lefatshe se batlile se shebahala jwalo ka letheba la letsatsi le tjhabileng tshimomg. E hola ho fihla boleleng ba dimilimitara tse 100. Makala a dimilimitara tse 50 ka bolelele, a matala bo tibileng ka hodimo fatshe e tshweu. Hloho ya palesa e ntle e boholo ba dimilimitara tse 50 ka bosehla bo kganyang. E palesa ka Phupu ho isa Lwetse.

Bodulo

E hola haholo tshimong e bulehileng ya jwang Afrika Borwa ho kenyeletsa le dibakeng tse ommeng karolong ya prifinsing ya Kapa Leboya.

Dintlha tsa tshiomo

Tsikitlana ke e nngwe ya dipalesa tse tsotello naheng, haholo ha dipula tsa nako ya selemo tse nang dibakeng tsa komello mme lefatshe le apeswa ke mebala e kganyang ya semela sena. Nako ya selemo e babatsehang e tsejwa jwalo ka nako ya bottle ba tlhaho lefatsheng.