Gamay Noir

© Glenneis Kriel

Tlhaloso

Gamay noir ke veini ya morara e ntsho ya mofuta wa selehae e sebediswang bakeng sa ho hlahisa waene e kgubedu e bobebe ya tafoleng. E hola ho tloha dipakeng tsa Pinot noir le mofuta wa kgale wa Gouais blanc.

Tlhaho

Gamay noir ke mofuta wa kgale o tswang Burgundy o ileng wa kgaolwa ke Phillip Bold, kgosana ya Burgundy ka 1935 ho bane a ne a tshaba hore a ka senya serithi sa tlhaho ya waene e tswileng matsoho, haholoholo hotswa Pinot noir. Balemi se bakeng seo ba ne ba jala Gamay noir e ngata ka melomo ya Pinot noir, ho baneng balemi ba pele ba ne ba hlahisitse kgefutso mme ho ne hole bobebe hore e hole. Ho emiswa ho ile hwa tswela pele mme hwa bolokwa serithi, empa ya etsa hore bofuma bo ate.

Balemi se bakeng sa Beaujolais, borwa ba Burgundy, ba ile ba hlola kgosana mme ba nna ba tswela pele ho hlahisa Gamay noir. Mofuta on o ile wa fetoha ho amahana hantle le sebaka, ya qetella ele yona mofuta o moholo o mokgubedu o hlahiswang Beaujolais ho tloha disentjhuring tsa bo 17.

Mofuta ona o ile wa fumana setumo ka ntle ho sebaka seo dilemong tsa bo 1980, ba hlahisa ba ile ba beya waene e na dishelefong hang feela letsatsi ka mora hore e kotulwe. Ho tloha mohlang oo, setumo sa mofuta ona o ile wa hola, empa ba hlahisa ba ile ba etsa hlahisa veini ya maemo ya Gamay noir.

Mabitso a Mang

Mafora a sebedisa Gamay noir á jus blanc ho fumana phapang pakeng tsa yona le mefuta e meng ya Gimay.

Tlhahiso Aforika Borwa

Mofuta ona o ile wa lahlehelwa ke tjalo ho Cinsaut noir, ho bane e ne e tshepahala haholo e bile e nale Tlhahiso e kgolo.

Sebaka sa Tlhahiso

Sebaka se ka tlasa Gymay noir Aforika Borwa e ile ya theoha hoya ka tlasa 10ha ka 2016. Boholo ba dijalo bo Stellenbosch.

Kgolo

Veini e lokiseditswe ho ba le matla. Metso ya teng e none, e hola ho tloha 12-15ha.

Ho Butswa

Merara e butswa qalong ya bohare ba sehla, ho tloha karolong ya pele Hlakola.

Menokotshwai

Menokotshwai e menyane, kgidikwe mme e nale mmala o perese bo bolou.

Makgasi

©Glenneis Kriel
Makgasi ae tekanetse ka boholo, a kgedikwe, a nale marete a mararo le botala bo hlakileng ka mmala.

Dikokwana tse Senyang le Mafu

Mofuta ona o ratwa ke dikokwana tse bakwang ke fungi, ho kenyelletswa le hlobo, bolele le ho bola.

Tshebediso

Aforika Borwa e sebediswa ho etsa mofuta o le mong wa veini kapa motswako o hlakileng o mokgubedu wa nouveau, merara e kang Zinfandel, Tempranillo, Pinot noir le Reisling.

Tatso

Mefuta e mengata ya veini e tswa tholwaneng le paleseng tse nkgang ha monate, tse nang le tholwana e kgubedu jwalo ka di raseberi, di palesa tse kang dithungthung le tse perese ka mmala.

Translated by Sebongile Sonopo