Ya Dragon Fruit - Tshebediso le Melemo

© Pete Birkinshaw

Ditholwana tse kgolo, tse makgekgefa tsa semela sa dragon di ratwa haholo Asia, mme ke e nngwe ya tse 5 tse ka sehloohong, kamora ditholwana tse kang litchi le banana. E tsejwa hape ka la pitaya, ebile e hlomphuwa ka lebaka la sebopeho le mmala wa yona China. Ditholwana tsena tse phetseng hantle, tse se nang matla di na le mesebetsi e mengata mme di na le phepo e ntle, di eboha habonolo mme di monate ha di jowa di sa tswa kotulwa, di phodisitswe hanyane.

Bahlahisi ba kang Amorentia Estate & Nursery e Limpopo ba motjheng wa ho ruta barekisi le bareki ka melemo ya dragon ya Afrika Borwa.

Tshebediso ya Dragon Fruit

©Fairie Anne Acebedo-Domingo

Dragon fruit e hodisetswa mmaraka wa ho jewa e sa tswa kotulwa kapa e le jwalo mme e atisa ho rekiswa mebarakeng ya dihwai Afrika Borwa. Tholwana ena e ka nna ya sebetswa ho etsa dihlahiswa tse melemo e eketsehileng e kang ditholwana tse omisitsweng, dikotwana tsa ditholwana, lebejana-poo, jeme, lero la ditholwana, pastry, pulp ya ditholwana le yoghurt. Lero la mefuta e mefubedu le ka sebediswa e le dye. Diteye tsa ditlama, metsi le vodka le tsona di ka ritelwa ka tatso ya dragon fruit mme tholwana ya sebediswa ho etsa veine.  

Palesa e so bulehe e ka phehwa mme ya jewa e le moroho le dipalesa tsa inelwa metsing a belang ho nowa e le teye.

Semela se sebediswa haholo ho kgabisa diratswaneng le ho sebediswa ho pata moo ho kampetsweng teng. 

University of Pretoria e sa ntse e etsa diphuputso ka tshebediso ya dikarolwana tsa dragon fruit ho etsa ditlolo. Ho fumanehile hore lero la dragon fruit le ka ba le mesebetsi e tshwanang le ya Aloe ferox le Aloe vera ebile e ka nna ya menahana ho feta ha 10. Mesebetsi ya dikarolwana tsa dragon fruit e kenyeletsa ho ngobofatsa, ho thibela ho tsofala ha letlalo, ho tiisa letlalo le ho hlohlelletsa ho ba teng ha collagen. 

Boima ba letlalo la dragon fruit ke 22% ya tholwana ena, feela ke yona karolo e lahlwang boholo ba nako. Makgapetla a dragon fruit a na le dimatlafatsi tse molemo haholo tse jwaloka anthocyanins - e leng antioxidant e matla. Makgapetla a dragon fruit a ka sebedisetswa mesebetsi e mengata: ya kgabelwa hasesanyane mme a hadikwa ka oli ya sesame kapa a sebedisetswa ho etsa teye. Phofo ya letlalo la dragon fruit e entswe diteko mme ha fumaneha hore e ba le tshusumetso e itseng boemong ba mafura a mading a ditweba. Phillipines, phofo e ne e sebediswa ho etsa noodles tse pinki.

Melemo ya Dragon Fruit

Melemo ya bophelo ya dragon fruit ke ka baka la mesebetsi ya teng ya antioxidant, ho thibela dikokwanahloko le ho ba le phepo e ntle, ho thusa ho matlafatsa masole a mmele, ka lebaka la vitamin C e hodimo, ho potlakisa tshebetso mmeleng le tshilo ya dijo. Oligosaccharides tse teng ho dragon fruit, di ka thusa ho tsosolosa baktheria ya probiotics e ka mpeng le maleng. 

Dragon fruit e ruileng ka ditlheferetsi e ka thusa ho laola tswekere e mading, mme e ka ba le thuso dijong tsa batho ba nang le lefu la tswekere. Tholwana ena hape e na le antioxidants tse ngata mme e na le di-vitamin tsa B1,B2 le B3, polyunsaturated fatty acids, carotene, protein, calcium, potassium, tshepe le phosphorus. Dithootse tsa dragon fruit di na le omega-3 fatty acids.

Dikutu le dipalesa tsa dragon fruit di sebedisetswa ho phekola lefu la tswekere, ho thusa ho ntsha metsi le ho thusa ho fodisa maqeba. Hodima moo, tholwana ena e thusa ho thibela lefu la pelo.

Ela hloko: 
Lesedi lena le reretswe ho ba thuto le ho ba tlhahiso-leseding feela mme le se ke la nkwa e le keletso ka tsa bongaka. Lesedi lena ha le a rerelwa ho kena dieteng tsa keletso ya bongaka kapa pheko e tswang ho mosebeletsi wa tsa bophelo.

Translated by Maletsatsi Sejake