Ditshintsi

© Marinda Louw
Ka ntle le ho ba kgathatso, ditshintsi di ka jara mafu ebile di kaba le kgahlamelo e mpe bophelong ba diphoofolo, haholo holo maemong a ho hlahisa tse tiileng moo diphoofolo di bolokwang nqa e le nngwe. Diphuputso tsa tshimo di bontsha hore dikgomo tsa lebese di ka lahlehela dipakeng tsa metsotso e 25 e be e be dihora tse 5 nakong yah o ja ka letsatsi ka baka la mosito wa ditshintsi.

Ho Tshwarwa

©Rykie Visser - Agrinet
Tsela e nepahetseng ya ho shebana le ditshintsi ho kenyeletsa lenaneo moo tse fapafapneng e sebediswang, maikemisetso a lenaneo lena e lokelang ho boloka dinomoro ya ditshintsi tse nyane. Ke tsena dikeletso tse hlano tsa ho fokotsa palo ya ditshintsi:
Ya pele fokotsa palo ya manyowa le mahe mmoho le moo ditshintsi di ka tsa behela teng. Ditshintsi di rata ho tswalla metsing le moo nang le dintho tse bodileng teng, ka hoo ho bohlokwa hore o boloke diphoofolo le dibaka tsa tlhahiso di hlwekile. Diphofolo tse kulang le tse nang le diso di lokela ho potlakelwa hore di se tshware ditshintsi le ho thubela tshwaetso ya bobedi. Diphoofolo tse shweleng di lokela ho tloswa ka potlako sebakeng sa ho hlahisa, mme di lahlwe ka tsela e hlwekileng. Dilokela ho tsheshwa kapa di epelwe.
Sebaka sa ho hlahisa se lokela se hlatsuwe kgafetsa manyolo, toti le sebaka sa ho robala se ditshila, dijo tse fedileng mmoho le mahe a tjhwatlehileng. Haeba o lema kapa o ruile le dikgoho, ho lokelwa ho laolwa hantle. Ebang diphoofolo di sa je tsohle dijo tsa tsona, tlhahiso e salang e siye letho le ka jewang ke ditshintsi.
Manyolo le toti ho loketse, empa manyolo a loketse ho tshwarwa hantle ho thibela hoba lehaha la ditshintsi. Sebaka sa manyolo se lokela hoba ka tsela e nngwe ho tlowa sebakeng sa ho hlahisa.

©Shem Compion
Ha bobedi, tlhaho ke motswalle wa hao. Diboko tse ding le dikolobe di ja mahe a ditshintsi le di boko. Dira tsena tseo e seng tlhaho di kahla tsa ntshuwa sebakeng sa ho hlahisa makgetlo a mmala ka selemo mme di thusa haholo moo ho kotulwang ka ditshintsi bakeng sa taolo dikhemikhale. Empa ke ntho e bitsang haholo mme hangata e anetse bakeng sa dira tsena ebang o di hloka haholo.

©Marinda Louw
Ya boraro, sebedisa difi le tse ding dintho tse lelekang ditshintsi. Dikhoike tsa ditshintsi di etsa mosebetsi o motle haholo ho fokotseng ditshintsi haeba di se di kena ka tlung le diphoofolong, o ka sebedisa hape le sefi se nang le dijo tsa ditshintsi. Empa bothata ka sefi se nang le dijo, ke hore di nkga hampe. Ditshintsi di rata sebaka se lefifi, di fumanehe hape dibakeng tse kganyang tse hahetsweng diphoofolo. Ba bang ba balemi ba sebedisa makgasi ho rulela matlo hore ba fokotse kganya e kgolo. Diphoofolo le tsona di ka fumana kgotso meriting ha hoho tjhesa. Ba bang ba balemi ba lema ditlama tse itseng ho potoloha sebaka sa tlhahiso kapa ba sebedise mafura, a bohlokwa ho leleka ditshintsi.

Ya bone bone, sebedisa mekgwa ya ho laola dikhemikhale ka tsela e nepahetseng. Ho laolwa ha dikhemikhale ho sebetsa hantle haholo ha etswa ka tsela e nepahetseng le ka molao. Ho sebediswa ho sa nepahalang ha ho kenye feela kotsi ya bophelo, empa ho etsa hore ditshintsi di tobane le dikhemikhale. Dikhemikhale tsa kajeno di lokela ho sebediswa hobane ho phetse hantle haholo ebile ho dumellana ka tlhaho le ho bolaya dikokwana hloko tsa kgale tsa organophosphate insecticides kapa di-DDT.
Mekete e teng hore e shebane le ditshintsi kapa diboko le hore di sebediswe kapa diphoofolo. Tse ding tsa mekete ena ke mahaha a ditshintsi.
Diphuputso di ile tsa bontsha hore bothata ba ditshintsi ekaba 40% hoya ho 60% di ka tloswa ka ho shebisana le dihlopha diboko.
Ya bohlano, etsa diprojeke tsa setjhaba. Ha ho kgathalehe hore lenaneo la hao la ho tshwarwa ha ditshintsi le letle ha kae, ke keke la re letho ebang bahaisane ba hao ba sa tsotelle palo ya ditshintsi dipolasing tsa bona kapa karolong ya bona. Ho sebetsa mmoho ho nepahetse ebile ho theko e tlaase hoena le ho sebetsa o le mong.

Translated by Sebongile Sonopo