Ditholwana tsa Purumu

Kakaretso ya Sehlahiswa

©Louise Brodie

Ditholwana tsa purumu, Prunus domestica, ke mofuta o fapaneng wa plum ya Yuropa. Ka kakaretso purumu e bua ka di-plum tse omisitsweng kapa mefuta ya plum e loketseng ho ka omiswa. Mefuta ya plum e sebedisetswang ho omiswa e beha ditholwana tse nyane tseo ho leng bonolo ho di omisa. Dipurumu di hlahiswa lefatshe lohle ho tswa mefuteng e fetang 100. Tjhai e felletseng ya moruo e fumanwa ka selemo sa 5 ho tloha nakong ya ho lengwa. Ho bohlokwa ho laola tlhahiso hobane ho dumella difate tsena ho beha haholo ka selemo se le seng ho tla baka tlhahiso e tlase nako e tlang ya ho beha.

Tokisetso e Tshwaro

Dipurumu di kotulwa ka nako eo di butswitseng haholo bakeng sa ho omiswa, e leng ka nako eo di fihlang kgatellong e pakeng tsa dipondo tse 3 le 4. Tswekere e boemong bo botle ka nako eo pele tholwana e butswa ho tlola tekanyo mme ditholwana di qala ho wa sefateng. Sena se a qhekella hore ditholwana di ka kotulwa ka nako e nepahetseng. Ebang ho sebediswa mekgwa e metle ya taolo ya tlhahiso ya dimela, tholwana e lokela ho ba ya boholo bo kgotsofatsang le ho butswa e be ho tshwanang ka hohle. Ho hlokolosi ho ba le bokgoni bo lekaneng ba ho kotula, e ka ba ka motjhini kapa ka matsoho. Hape ho hlokolosi hore ho be le bokgoni bo lekaneng ba ho omisa mme le sebaka sa tlhahiso se be haufi.

Tlhahiso ya Lefatshe

Haesale mohlahisi e moholo wa dipurumu e le USA, ka boholo ba dipurumu bo hlahiswang California, le hoja tlhahiso ya USA e wele dilemong tse mmalwa tse fetileng. Dinaha tse ding se hlahisang dimela tse boholo bo kgotsofatsang ke Chile, e hlahisang ditone tse ka bang 100 000 tsa dipurumu tse omisitsweng, France le Argentina. Afrika Borwa ke mohlahisi e monyenyane haholo.

Tlhahiso ya Afrika Borwa

©Louise Brodie

Boholo ba dipurumu tsa Afrika Borwa di hlahiswa Kapa Bophirima. Tlhahiso ya Afrika Borwa e honyetse, ka pedi-borarong, ho feta dilemong tse mashome a mane tse fetileng, ka ditone tse ka tlasa 1000 ka selemo, tsa dipurumu tse omisitsweng tse hlahiswang dilemong tse mmalwa tse fetileng. Le ha ho le jwalo, ho na le thahasello e ntjha ya ho hodisa indasteri ena, e le ho sebedisa mebaraka e metjha e ntseng e hola ya Afrika.

Tshebediso

Dipurumu di sebediswa dijong tse mmalwa ho eketsa tswekere tatsong ya tsona. Ke mohlodi o motle wa vithamin K mme di boetse di sebediswa ho sebedisa mala ha bobebe ka bakeng sa ho sibeha, ka lebaka la boteng ba fiber le Sorbitol.

Translated by Maletsatsi Sejake