Dikokonyana le Difate tsa Morara - Mealybugs

© Prof Piet Goussard Winetech
Dikokonyana tsena di mmoho, ha dikokonyana le difate dijo tsa dikokonyana di ya amana. Difate tsa morara tseo e leng dijo tsa dinonyana e kaba tshwaetsa ka dikokonyana le tjhebahalo ya tsona e ka bontsha kgoneho ya tshwaetso ya maelybug jwalo ka ha hlobo e le mohlodi wa dijo tsa mantlha tsa bohlwa. Dikokonyana tsa difate tsa morara tsa mealybug tse tshehadi di ntsha kgwele e rellang e qalang ho etsa karolo e ka hare.
Boemong bo sa tsitsa ba seboko se tsamaya ho tlowa lekgasing ho ya makaleng a merara. Ho bola ho hotsho ho hola dodima hlobo e hlahisitsweng ke kokonyana ya phoofo mmemmala o motsho o ka bonahala hodima seftae se amehileng. dikokonyana tsa phoofo tsa difate tsa merara di ka tlala ka ho ikharela ha makgsasi a difate.

©Prof Piet Goussard Winetech
Maikemisetso a maholo a ho laola ho tlameha ho ba ho thibela dikokonyanatsa phoofo hore di se ame dihlopha tsa merara kapa ho fetela difateng tse ding,empa taolo ya bohlwa ke bohato ba pele taolong ya dikokonyaneng. Dipolasitiki tse apesitseng banka di ka fana tikoloho e ntle bakeng sa sehla sa bohlwa.
Ha eba bongata ba bohlwa bo bonahala bo tsamaya ka tlasa polasitiki, hoo ho bolela hore e lokelwa ho tloswa hang hang. Ho leswa ho hoholo ha lehola ho ka fana ka tsela e nngwe ya bohlwa ho kena difateng mme eloeklwake ho nenwa haholo nakong ya sehla sa kgolo.
Ho sebedisa dimela tse apesitsweng ho ka thusa ho laola lehola, ha ho ntse ho e na le molemo direng tsa tlhaho dikokonyana tsa phoofo tsa difate tsa morara. Dira tsa tlhaho tsa dikokonyana tsa phoofo ke diboko haholo holo tsa maleshwane le bubi bo hlaselang tse tshehadi. Beha leihlo dikokonyaneng tsa phoofo tsa difateng tsa morara ho kenyeletsa tshebediso ya leraba ho fumana tse tona.

©Prof Piet Goussard Winetech
Difate tse tletseng di ya tshwauwa nakong ya sehla sa kgolo hore di kgone ho laolwa ka khemikhale e loketseng nakong ya mariha, pele di thunya. Ho bohlokwa hore difate tse atamelaneng le tsona di ya laolwa. nakong ena ho nosetswa ha difate ho a hlokeha hobane dikokonyana tsa phoofo di ipata nakong ya mariha ka tlasa makgapetla a difate a shweleng le metsong.
Maemong ao tshwaetso ya kokonyana ya phoofo e seng e le ngata mobu o lokelwa ho amohela tsamaiso ya tshebediso ya sebolaya dikokonyana. O ka beha sefi se mamrelang kapa ka dikhemikhale tse bolayang dikokonyana ka thoko ho kutu le terata e ballang bakeng sa taolo ya dikokonyana.

Translated by Sebongile Sonopo