Crested Barbet
Madiwatjhe

© Shem Compion

Lebitso

Madiwatjhe [Trachyphonus vaillantii]

Tjhadimeho

Ka molomo o motenya le masiba a mebalabala, madiwatjhe ke nonyana ke hlabosang. Ena ke nonyana e nyane ka matheba a matshehla le sefahleho se sefubedu ka ntshi e ntsho. Dimpa di tshehla ka matheba a mafubedu, mapheo a matsho ka matheba a masweu le moreto o motenya o motsho molalleng. Hlooho e tshehla le mmele o motsho ka masiba a masweu, o na le matheba a mafubedu mmeleng ohle, mmala wa yona o thusa hore nonyana ena e ipate hantle morung. Madiwatjhe o na le sello se hodimo se ikgethileng.

Dijo

Madiwatjhe o atisa ho ja dikokwanyana, mahe a dinonyana tse ding le ditholwana.

Tswalo

O atisa ho aha sehlaha lesobeng le sefateng kapa lehong la Sisal serapeng. Tse tona le tse tshehadi di phela mmoho ebile di hloma naha bakeng se le seng ka kemolo. Naha eo e di hlomeng e a fapana ho ya ka sebaka seo. Mahe a behwa ho tloha Loetse ho isa ho Tshitwe. Ho behwa lehe le leleng ho isa ho a mahlano tsatsi le leng le leng. Phuamo e nka matsatsi a 13 ho isa ho a 17, ho qalwa ka lehe la bobedi kapa la boraro ka nonyana e tshehadi. Madinyane a qhotsa a se na masiba a sa bone. A fepwa dikokwanyana ke batswadi ka bobebdi. Di ithoma ka mehla. Di ithuta ho fofa ha di na le matsatsi a 31. Ka nako ya tswalo ho ka balwa dihlopa tsa madinyane tse hlano ka sehla sa tswalo.

Boitshwaro

O fumngwa o le mong kapa ka bobedi. Di atisa ho tlolatlola fatshe ha di batla dijo, ka mehla di ka bitsana ho tswa lekaleng masabasabaneng. Ha o fofe ha bonolo empa o tla fofa sebaka se sekgutswane. Madiwatjhe o dula masobeng a difate. Di bina haholo, sello sa ona se ka utlwahala nako e telele. Madiwatjhe o atisa ho halefa ha dinonyana tse ding di ka ba haufi le sehlaha sa yona ebile di lelekisa bahlodisani ba sehlaha ho tshwana le maditwajhe o mong, maeba le masala a mang. Di atisa hape ho lwantshana le kgoto le ho bolaya dinoha.

Lehae

Merung, masabasabaneng, dirapeng tse metseng, Forests, savannah and sub-urban gardens, woodland thickets and watercourses.

O fumanwa kae

Madiwatjhe o tlwaelehile Aforikaborwa. O fumanwa hape Zimbabwe, Mozambique, Botswanan le Namibia bokone.