Coriander Ka Kakaretso

© Louise Brodie

Coriander e tswa ka nqa Botjhabela, mme lekgetlo la pele semela sena se fumanwa, ho lengwa le ho sebediswa ha sona ke batho, e ne e le dilemo tse fetang tse 6000 tse fetileng ho tloha Egepeta ho ya Turkey, Asia Bohareng le Persia. Kamora sena, tshebediso ya coriander e se e atetse India le China dilemong tse fetang tse 3 000 tse fetileng mme hamorao ha latela Yuropa Borwa. Kajeno coriander e sebediswa le ho lengwa lefatsheng lohle.

Lebitso la Saense: Coriandrum Sativum
Lebitso le tlwaelehileng: Coriander, Dhania, Cilantro

Tlhaloso Ya Semela

Coriander ke semela se mahlaku a bonolo mme ke sa selemo se seng le se seng ebile se hola bolelele ba mithara e le nngwe ebang se dumellwa ho foforeha. Dipalesa tsa yona di mmala o mosweu kapa o bo-pinki bo hlakileng. E beha ditholwana tse kgidikwe kapa tse motopo tse nang le peo ya coriander e sebedisetswang tatso dijong le ho etswa ha meriana.

Tshebeliso

Kutu le mahlaku a coriander e sa tswa kotulwa, hammoho le ditholwana tse nnyane le peo e omisitsweng ya teng, di sebediswa mefuteng e fapaneng ya dijo hammoho le ho fana ka tatso. Ditholwana kapa peo, di a sebediswa hape ho etsa oli ya bohlokwa hammoho le mafura tiileng a sebediswang mmarakeng wa meriana ya tlhaho ekasitana le indastering ya tlhahiso ya dijo. Oli e sebediswa hape e le kalafo e thibelang dikokwanahloko mme e thusa le ka tshilo ya dijo mmeleng ebile e thusa ka pheko e thusang ho tlisa boroko ho batho.

Ditlhoko Tsa Mobu Le Ditokisetso

Coriander e hola hantle mobung o lehlabathe, o nonneng ebile o batla o le letsopa mme o na le pH e pakeng tsa 6.0 le 7.5. Ha e le mobung o tiileng ebile o le boima, ho molemo ho etsa metjha pakeng tsa mela ya dijalo ho etsetsa hore metsi a tswe hantle metsong.

Pele mobu o lokisetswa ho jala, ho tla nkwa mobu o monyane o tlang ho sebedisetswa ho jala, mme o romelwe laboratori bakeng sa ditlhahlobo le keletso ka tsa dimatlafatsi. Mobu o lokela ho qhalakanngwa ho etsa boemo ba oona o be ho 500 mm. Kalaka e tlang ho theola pH ya mobu hammoho le monontsha kapa manyolo, di lokela ho tshelwa le ho lemellwa botebo bo 400 mm ka hodima mobu nako e ka etsang dibeke tse 4 ho ya ho tse 5 pele ho jalwa. Matsatsing a ho qetela pele o lema, eketsa dimatlafatsi le manyolo a boemong bo botle mobung mme o sebedise trekere e phetholang mobu ho 20 cm e ka hodimo ya mobu wa ho jala. Hona ho hlaola lehola leo e ka bang le metse. Haeba metjha e se e entswe pakeng tsa mela ya dijalo, ho hlaolwa ho etswa ka yona nako ena mme ditutudu tsa ho lema di se di le malala-a-laotswe bakeng sa ho ka jala.

Boemo Ba Leholimo

Coriander e hola hantle moo ho phodi-phodileng, ekare ho mahareng mme e hola hantle ka ho fetisisa ho di-grata tse pakeng tsa 18°C le 27°C.

Ebang motjheso o phahame haholo, semela se tla phakisa ho foforeha peo le pele se hola hantle hore se ka hlahisa mahlaku kapa peo e ntle, haeba se tlohetswe hore se thunye kapa se hole ka botlalo.

Dimela

Ho na le mefuta e mengata ya dimela tsa coriander, empa mefuta e seng mekae e ka sehlohlolong e hlahiswa mebarakeng e meholo. Mme yona ke: Caribe, Chinese, Leisure, Long Standing, Slow Bolt, Santos.

Le ha ho le jwalo, ho ka ba molemo ho fumana keletso ya mohokahanyi wa tsa temo kapa ditsebi ka tsa peo bakeng sa mefuta e fapaneng sebakeng sa tlhahiso hammoho le mmarakeng o labalabetsweng. Mefuta e sa tshwaneng e molemo bakeng sa tlhahiso ya mahlaku athe e meng e loketse tlhahiso e ntle ya peo le oli.

Translated by Maletsatsi Sejake