Climate Ke Eng?

©Adam Peterson

Climate ya sebaka sa temo e kgetholla semela se loketseng ho jalwa moo ka ha semela se seng le se seng se na le ditlhoko tsa sona tse ikgethang tsa climate. Tse ding tsa dintlha tsa bohlokwa tse kgethollang climate di kenyeletsa themphereitjhara, dihlopha tsa motjheso, PCUs, bolelele ba letsatsi, mongobo o tlwaelehileng, serame, sefako le moya.

Climate Le Ho Na Ha Pula Afrika Borwa

Afrika Borwa ke naha e tjhesang, e ommeng, e nang le palo-hare ya pula ya selemo le selemo e ka tlasa 500 mm, e nelang 65% ya sebaka sa yona se teng. Pula ena e nkwa e le bonyane bo hlokehang bakeng sa tlhahiso e atlehileng ya dimela tse fepelwang ke pula. Dimela tse mmalwa di hloka pula e ngata ho feta moo, jwaloka masimo a teye a hlokang dimilimitara tse fetang 1000 ka selemo.  

Tsela eo pula e nang ka yona Afrika Borwa, e etsa ho be le tlhokeho ya ho nosetswa le dibakeng tsa temo tseo palo-hare ya pula e nang haholo. Dimela tsa ditholwana tse mahlaku a hlohlorehang tse Ceres profenseng ya Western Cape ke mohlala o motle. Dimela di a nosetswa ka lehlabula le ommeng ka ha sebaka sena se fumana pula e ngata ya palo-hare ha e le mariha feela.

Hobane Afrika Borwa ke naha e tjhesang, e ommeng, tahlehelo ya metsi ya selemo le selemo ka tsela ya mouwane e hodimo mme e eketsa tlhokeho ya metsi a ho nosetsa.

Macro-climate Ke Eng?

Macro-climate ke ho fetoha ha boemo ba lehodimo boemong ba naha. Dibaka tse kgolo tseo climate e tshwanang di a kgobokanngwa mme di behwe nqa e le nngwe mmapeng. Tsena e ka ba mekgahlelo e itshetlehileng motswakong wa meedi ya climate jwaloka dibaka tsa climate tsa Köppen. 

Mekgahlelo ya climate ya Köppen e arola climate ka mefuta e mehlano e ka sehloohong, e emelwang ke ditlhaku tsa A, B, C, D le E. Mohlala, A ke tropike ha E e le polar.

Meso-climate Ke Eng?

Meso-climate e bolela climate ya lehae. Mefuta e fapaneng ya meso-climate e ka fumaneha dibakeng se itseng tsa macro-climate. Makgabane a meso-climate le kamoo a qadikaneng kateng dibakeng tse itseng, hangata a kgethollwa ke topography. Topography e kenyeletsa dikarolwana tse kang diphula, dithaba le dinoka.  

Meso-climate tse pela Magaliesberg, tse lopallang ho tloha botjhabela ho ya bophirima ho tswa Pretoria ho feta Rustenburg ke mohlala o motle. Methati e sa tebang e ka lehlakoreng la leboya la thaba e futhumetse ho feta e sa tebang e ka lehlakoreng le ka borwa. Tsena ke meso-climate tse pedi tse fapaneng. Metheo kapa methati e ka leboya e shebile letsatsing le dihlotshwana tse itseng sa mahlasedi a letsatsi a kwahela sebaka se se sesanyane, mme hona ho fepela motjheso o mongata sebakeng seo. 

Methati e ka leboya ya Magaliesberg ha e na serame ho hang mme e na le dithemphereitjhara tse hodimo selemo ho pota ,e leng tse loketseng ditholwana tsa citrus le dimela tsa subtropical tse nosetswang. Ha e le methati e batlang e le tlase e mosikong ,yona e na le climate e fapaneng hole le methati e mahareng. Mona, mariha a a bata mme serame se etsa sebaka sena se se ke sa lokela ditholwana tsa subtropic.

Micro-climate Ke Eng?

Diphapang tse teng tsa micro-climate ke dikarolwana tsa tlholeho mme di amahanngwa le dibaka tse nyane. Ho nosetswa ho sebedisetswa ho fetola micro-climate: masimo a nosetswang sebakeng se ommeng haholo se fapana le climate ya dibaka tse potapotileng tse sa nosetsweng, haholo mahwatateng.

Translated by Maletsatsi Sejake