Clairette Blanche

Tlhaloso

Ke veine ya morara e tshweu ya dilemo tsa bo 1500, e ne e jalwe ka ho nama borwa ba France mme e ne e sebediswa bakeng sa tlhahiso ya veine e phatsimang, empa hape jwalo ka veine ya tafoleng.

Tlhaho

France

Mabitso a Mang

Clairette Blanche’s e bolele veine e hlakileng. E nale mabitso a fetang 69 a Clairette Blanche. E ne e tsebahala jwalo ka Blanguette, Extra, Piquepoul kapa Clairette. Bourboulenc ke mofuta o ikgethileng le ha o ne oe sebedisa lebitso la Clairette le Clairette Blanche.

Tlhahiso Afrika Borwa

E fumanwe Afrika Borwa ka 1906, qalong e ne e hola ka ho ikgetha sebakeng sa Groot Drakenstein. E ne ele feela 35ha ya Clairette Blanche e ile ya ntshwa metso Afrika Borwa (2016) ka 195ha e setseng, haholo karolong tse futhumetseng tsa Worcester (88ha), Paarl (34ha) le Robertson.

Ho Hola

Clairette Blanche e holela hodimo le ka matla e thata empa e robeha ha bobebe ke moya. E ka lengwa e le Veine ya muru kapa ya hola ka ho ballwa mme e rata mobu tebileng o nonneng dibakeng tse phodileng. Clairette Blanche e tshaba komello (e lahlehelwa ke makgasi) mme e hloke nosetso. Tjahi e 16-18t/ha, ka motjheso wa 19 - 21°C. Digrate di bontsha boemo ba tswekere morareng le ho leka bakeng sa ho kotulwa.

Ho Butswa

Clairette Blanche e butswa qetellong ya Tlhakubele le ka mora dikebeke tse tharo ka mora Chenin Blanc.

Menonotshwai

Menokotshwai e meholo e motopo ka letlalo le lesesana empa le matla.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

Clairette Blanche e tshaba hlobo le dikokwanahloko empa e ka emela anthracnose le oidium. Ka lebaka la makala a qalaneng ha e ke ho bola ho bodila le botrytis. Ditjhupu tsa sefate di ka senngwa ke moya.

Tshediso

Merara e nang le tsofalo e kgutshwane mme di hlahisa veine e nang le esiti e tlase le jwala bo bongata. Pele e ne e sebediswa bakeng sa ho etsa veine e phatsimang mme Clairette Blanche e se e sebediswa bakeng sa ho tswaka. Mme ha e phuthuwe nako pele ho nako bediswa ha bedi ho efa tatso e roilrng. Clairette Blache e ka sebediswa jwalo veine ya tafoleng.

Tatso

Ha e sebediswe hangata ho etsa veine e ikemetseng, Clairette Blache e hlahisa veiene e hlakileng e sebediswang ho tswaka tatso ya tholwana e kang lamunu e bohla, paneapole, poreima e tala kapa sirilamuni ya jwang. E hlaloswa e le ‘flabby’, Clairette Blanche e bontsha palesa, tholwana ya lejwe le dilamunu.

Translated by Sebongile Sonopo