Chives Ka Kakaretso

© Louise Brodie

Ho hopolwa ha chives di qadile ho ba teng Asia le botjhabela ba Yuropa. Kajeno chives e jalwa lefatshe ho pota.

Lebitso la Saense: Allium schoenoprasum
Lebitso le tlwaelehileng: Chives

Tlhaloso Ya Semela

Chives ke ngwanabo anyanese mme e na le mahlaku a tshwanang le a anyanese empa feela ona a le bobebe ho feta. Mahlaku a malelele mme a motopo, a sekoti kahare ebile a ba masesanyane ho ya ntlheng ya oona. Semela se ka hola ho fihla ho 50 cm mme se na le dipalesa tse perese ka mmala. 

Tshebediso

Chives di sebediswa ha ho phehwa le ha ho etswa metswako ya meroho e tala. Chives di ka kenngwa oling ho fana ka tatso.

Ditlhoko Tsa Mobu Le Ditokisetso

Chives di hola hantle mobung o hlokang ditswakwa, o nonneng ebile o batla o le lehlabathe wa loam ebile o kenela metsi habonolo. pH ya mobu e lokela ho ba pakeng tsa 6 le 7.

Pele ho ka lokiswa mobu, o lokela ho romela mobu o emetseng o tlang ho jala laboratoring ho etswe ditlhahlobo le keletso tsa dimatlafatsi. Mobu o lokela ho bebofatswa hore o fihle ho 500 mm. Kalaka e lokisang pH hammoho le monontsha kapa manyolo di lokela ho tshelwa le ho lemellwa mobung o ka hodimo o etsang 400 mm nako e etsang dibeke tse nne ho ya ho tse hlano pele ho jalwa. Matsatsing a ho qetela pele ho jalwa, tshela dimatlafatsi tse fumanehang ka bonyane hammoho le monontsha mobung mme o sebedise disc harrow kapa rotavator mobung wa 20 cm o ka hodimo. Hona ho thusa ho hlaola mofoka o neng o se o le teng. 

Ho ka etswa mela ya mabopo ka nako ena mme ha lokiswa le moo ho tla jalwa teng. Ebang ho jalwa sethopo, ho ka apeswa mobu ka mulch ya plastiki pele ho jalwa e le ho laola mofoka hore o se bipetse dimela tse nyane ha di hola.

Boemo Ba Lehodimo

Chives di hola hantle moo ho phodileng mme di phela hantle le ho feta themphereitjhareng e pakeng tsa 18˚C le 28˚C. Chives di kgona ho emela serame, le ha ho le jwalo, di hola ka monyebe ha themphereitjhara e le tlase haholo.

Mefuta Ya Dimela

Mofuta o tlwaelehileng wa chive ke ona o ratwang haholo. Ho na le letoto le letjha la mefuta e nang le tjhai e ntle ya mahlaku. Mofuta wa Finland o bitswang "Hankoniemi", mofuta wa Dutch o bitswang "Tavallinen" le mofuta wa Germany o bitswang "Grolau" ke e meng ya mefuta e tjhai e ntle.

Translated by Maletsatsi Sejake