Chenin Blanc

© Glenneis Kriel

Tlhaloso

Chanin blanc ke mofuta wa veine e tshweu e sebediswang bakeng sa tlhahiso ya veine ya tafoleng, veine e phatsimang le veine ya FFF, tse kangPORt, sherry le boranti. Ke mofuta wa veine o lengwang haholo Afrika Borwa. DNA e hlalosa ha boitsebiso Savignin ele e nngwe ya batswadi ba yona. Boitsebiso ba motswadi e mong ha bo fumanehe.

Tlhaho

Chanin blanc e nale bodulo ba yona sebakeng sa Anjou-Touraine France. Mofuta ona o ne o tsebahala jwalo ka Chenere, empa lebitso le ile la fetolwa sentjhuring ya 15 ho ba Chenin blanc, e rehellwa ka thaba ya sebaka, Mont Chenin.

Mabitso a Mang

Franc-blanc, Franche, Pineau de la Loir le Pinot Blanco. Afrika Borwa e netse e le ntho e bitswang Steen.

Tlhahiso Afrika Borwa

Chanin blanc e kgoleha ho ba hara diifate sa pele se kgaolwang bakeng sa ho ya Kapa nakongya Jan Van Riebeeck. Se ne se bitswa Steen mme ho ne ho kgolweha hore ke phetoho e ikgethileng ya Afrikaq Borwa ya Chenin blanc, ho fihla ka selemo sa 1960 mahareng ha moprofesa CJ Orfer, eo e neng ele hloho ya dithhuto tsa morara yunivesiting ya Stellenbosch, e fumanehileng kantle ho qeya qeyo hore ke Chenin blanc.

Mabaka a fapaneng a bontsha ha hobaneng ma Afrika Borwa a re khalthiba ke Steen. Mmusisi Simon der Stel, ka nako e nngwe o kile a nahana hore morara ona o tswallwa Germany ha o bapisa boleng ba yona le veine ya German Stein. Tlhaloso e nngwe ke hore e etsa karolo ya lejwe la moralla eo ka seburu eleng “hoeksteen” industering ya veini Afrika Borwa, ka baka la bokgoni ba yon aba ho ikamahanya le maemo.

Tlhahisa Afrika Borwa

E lenngwe dibakeng tsohle tse hlahisang veine Afrika Borwa, le dibakeng tse kgolo tse halhising hantle jwalo ka Breedekloof, Olifants River, Paarl, Swartland le Worcester.

Kgolo

Sefate se bonolo ho hola ka mahlahahlaha, ka tlhahiso yaboholo ba dihectra tse 22-23.

Ho Butswa

Morara o butswa maqalong a bohara ba sehla, ho tlowa karolong ya bobedi ya Hlakola.

Menokotshwai

Menokotshwai e menyane, motopo le botala bo bosehla ka mmala. Letlalo le bonolo le lesesane. Nama e nale lero le lengata.

Makgasi

Makgasi a itekanetse ka boholo, a kgidikwe, le marete a mararo lehoba matala bo tibileng ka mmala. Disinyi le mafu Difate di tshaba ho bola le hlobo ya fatshe le hlobo ya phofo. E ba le dipalesa ka ho kgetheha ka lehlwa la nako ya selemo.

Tshebediso

E ile ya hlaloswa e le pere e sebetswa Afrika Borwa, jwalo ka ha e sebediswa ho hlahisa veini e ommeng ho isa ho tswekere ya tlhaho, e tshweu ya tafoleng, e phatsimang, ya dijo tse theohelang le ya maemo. E sebetsale ho kopanywa le di khalthiba tse ding. Afrika Borwa e nkuwa ele yona e hlahisa veini ya Chenin blanc ya boleng lefatsheng.

Tatso

Balimi dibakeng tse phodileng jwalo ka Elgin, e hlahisa veini ya Chenin blanc e senang patsi, di mmala motala bo hlakileng ka mmala le tatso ya tholwana e bobebe. Balimi dikarolong tse futhumetseng jwalo ka Stellenbosh le Franschoek, dihlahisa veini e nang le patsi ka mmala o kgauta le tatso ya tropiki.

Translated by Sebongile Sonopo