Cape Riesling

© Glenneis Kriel

Tlhaloso

Ke sefate sa kgale se se sweu se lenngweng France, empa se ile sa batla se lengwa Australia le Aforika Borwa. Se lengwe Aforija Borwa e le Crouchen Blanc ka lebaka la ho kopanngwa le lebitso leo ke mofuta wa Majeremane e leng Rhine Riesling.

Tlhaho

France

Mabitso a Mang

E nale Mabitso a mang a 25 empa a tsebahalang haholo ke Crouchen Blanc, Cruchen, Kaapse Riesling le Paarl Riesling. O seka wa e kopanya le mofuta wa Jeremane e leng Weisser Riesling, lebitso la Crouchen Blanc le ratwa Aforika Borwa.

Tlhahiso Aforika Borwa

Temo Aforika Borwa ya sehlahiswa sena e ile ya kgothalletswa ho tloha ka 1926 ka lebaka la tjhai ya sona e hodimo. Tse ding tsa 270ha Aforika Borwa di ntse di lengwe Crouchen Blanc, empa 35ha ya metso e ne e hlahelletse ka hodimo ka 2016.
Boholo ba dimela bo Breedekloof (110ha) le dibakeng tsa Paarl ka bahlahisi ba tsebahalang jwalo ka Theuniskraal (Tulbagh) le Van Loverense (Robertson). Sefate sa kgale se ntse se hlahisa moo se jetsweng ka 1962 polasing ya Uitsing.

Kgolo

Ha e kgone ho mamella (ho bolelang hore ha e khgone ho hlahisa sehlopha sa morara) (10-15ha) empa e hola ka matla ha e balletswe. E hola hantle mobung o lekaneng le dibakeng tse futhumetseng. E kotulwa ka bongata ba tswekere e tlowang ho 20-24°C.

Ho Butswa

E butswa mahareng a sehla, Crouchen Blanc e kotulwa maqalong a Tlhakubele matsatsi a 10 ka mora Chenin Blanc.

Menokotshwai

Menokotshwai e kgidikwe e menyane e boi le hoba manganga. Dihlopha di nyane mme di kopane ka makgethe.

Makgasi

Makgasi a itekanetse, marete a mahlano ka moriri o molele o yang methapong.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

E tshaba ho bola kapa hlobo, mme e ka bola ha dikutu di ka robeha ke moya.

Tshebediso

Hangata e sebediswa bakeng sa tlhahiso ya veine e tshweu. Veine e nale bokgoni ba ho hola e bang e hlahiswa ka tsela e nepahetseng. Ho hola ha yona ho itshetlehile hore veine e bolokwa nako e kae ka hara botlolo.

Tatso

Semelo sa yona se amahanngwa ka ho atamelana le terroir le maemo a kgolo jwalo ka tjhai ya veine le monko o monate wa jwang ha maemo a futhumetseng a hlahisa veine e ya tatso e mpe. Ka tlasa kgolo ya maemo a nepahetseng, e hlahisa veine e tshweu ya boleng ka tatso ya tholwana le monko monate wa jwang.

Dintlha

Ha e balletswe sena se bolela hore sefate se ka hlahisa makala a mangata ka ho tlamahanya makala ka mokgwa wa ho fasa ka terata dipalong, mme sena se tla etsa hore se hlahele hantle letsatsing dibutswe ka nako e le nngwe.

Translated by Sebongile Sonopo