Cape Ground Squirrel

© Nigel J Dennis

Lebitso

Cape Ground squirrel (Xerus inauris)

Tshebahalo

Cape Ground Squirrel e tsebahalang ka ho qhoma Afrika Borwa. E bolelele ba dimili mitara tse 450 mme boima ba yona bo fihla ho kilomitara. Karolo e ka hodimo ya mmele mmala wa yona ke wa cinnamon, ka mela e mesweu lehlakoreng la mmele. E nale karolo e tshweu ka fatshe, mohatla o nale botsho fatshe, mela e mesweu moriring. Letlalo le mahwashe le be leba le boya hanyane, mme letlalo la mariha le ba leholo ho feta la hlabula.

Dijo

Boholo ke phoofolo e jang jwang, boholo e ja methapo ya di mela e ngwapa ka manala ebe eja ka meno a ka pele. Dijo tse thata le tse qhomang e otla ka manala a yona a bohale. E rata ho jella dimeleng tse mongobo. Hlabula eja dikokonyana.

Tswalo

Le ha dihola dikgweding tse tsheletseng, ke feela tse nang le selemo tse dumellwang ho tswala. Tse tshehadi di nale bokgoni ba ho tswala madinyane a 2-6 ka litara, ngwana ka mong a le boima ba digram tse 20. Madinyane a hlaha a sena matla mme a tsotse, tlhokomelo ya ona eba mosebetsi wa sechaba, mme sena esale ho etsahala ho tloha koloni ke tse tshehadi. Ke e tona ele nngwe feela e tla nka boikarabelo bo boholo ho tse tshehadi, hangata ebe e ntse e tsamaya le tse nyane tse seng di qetile dilemo tse pedi. Kamora dilemo tse pedi ho qhalakangwa masea, ho qhalakangwa hona lebaka ke hore hobe le dihlopha tse ntjha le phatsa tsa lefutso tse ntjha.

Bodulo

Cape Ground Squirrel e dula dithabeng, dihlahleng le dibakeng tse senang jwang. Moo Cape Groung Squirrel e dulang teng ho wa fapana, ho kaba santa e mahwashe, ho kaba thata, mobu o motle kappa lewatle.

Moo di fumanehang

Di teng ho parola Kalahari, Free State, Nothren Cape, North West le profinsi ya Southern Cape haufi le setereke sa Beaufort –West/Graaff-Reinet.

Dintlha tsa tshimo

Bodulo ba yon abo tsebahala haholo ka ponahalo ya Mountain Ground Squirrel. Le ha fela di hlorisa ke bo rapolasi ka ho di tsoma empa palo ya tsona e tsitsitse.