Ho Bolelwa eng ka ho Bokelletsa Metsi a Pula?

© US Bureau of Land Management

Pokelletso ya metsi a pula ke mokgwa wa ho tsamaisa metsi ka metjha le ho boloka metsi a pula a tswang fatshe kapa marulelong a meaho ka dipeipi ho a lebisa ditankeng tsa polokelo ya metsi. Ho kgelella metsi a pula ho theoha marulelong, ho hlwekile ho feta metsi a phallang fatshe.

Le ha ho le jwalo, ho hlwekisa le ho sesefa metsi a pula pele a sebediswa ho a kgothaletswa. Ho sesefa hona ha ho hlwekise metsi feela bakeng sa tshebediso ka lapeng kapa temong, empa ho tla tlosa le dik’hemik’hale, mobu le ditshila mme ho tla thibela le ho senyeha ha dipompo ka baka la dinthwana tse teng metsing.

Mokgwa wa ho Theha Tsela ya ho Bokeletsa Metsi a Pula

Ho theha mokgwa o bonolo wa ho bokelletsa metsi a pula ho hloka dintho tse tharo: marulelo, dipeipi kapa metjha ya metsi-ho laola metsi le setshelo kapa tanka.

Hlwekisa marulelo le metjha ya metsi marulelong. Ebang metjha kapa dipeipi di hloka ho kenngwa, kgetha dipeipi tsa boleng bo hodimo tsa PVC. Netefatsa hore dipeipi di hoketswe tankeng. Hape hlokomela hore metjha e tshekallela ditankeng tsa metsi. Hona ho tla fokotsa pokellano ya seretse le hore metsi a eme, moo e tla ba lehae la menwang.

Makala a leketlileng marulelong a lokela ho tloswa ho thibela mahlaku ho kena motheong ona. Sebedisa disefe kapa matlowa mme o di hlwekise kgafetsa.

Dik’hemik’hale tse qhitsitseng di ka dula marulelong mme tsa kena kahara tanka ya metsi. O se ke wa nyanyatsa dimela ha moya o foka.

Ha o penta marulelo, sebedisa pente e bolokehileng hobane pente e ka kena kahara tanka mme ya silafatsa metsi.

Hlwekisa marulelo ebang ho kile ha ba le mollo o tukang sebakeng seo. Kamora hoba dipula di ne, molora le matlakala di ka kena kahara tanka ya metsi, mme tsa thiba dipompo. Hopola, ha marulelo a hlwekile ho bolela hore le metsi a tla hlweka.

Mokgwa wa ho sefa metsi pele a sebediswa o ka hlokeha mme o ka etswa ka tsela tse latelang:
Ho sefa ka ho sebedisa lehlabathe
Ho sefa ka sepontjhe
Ditshila di theohele fatshe metsing

Mehlodi ya ho Boloka Metsi

©Marinda Louw

Metsi a ka bolokwa ka tsela efe kapa efe, empa netefatsa hore moo a bolokwang ho hlwekile mme ho na le pompo. Kenya tanka e boholo bo lekaneng, mme ebang ho kgoneha, e behe motheong o tsitsitseng ebile o tiile, o phahameng ka ho lekaneng hore dinkgo di tlatswe habonolo pompong ya teng. Ebang o aha motheo ka samente, netefatsa hore bophara ba teng bo 85 mm.

O se ke wa sebedisa tanka e kileng ya sebedisetswa ho boloka ntho tse tjhefu jwaloka mafura a koloi, oli kapa dik’hemik’hale. Ha ho kgoneha, o se ke wa sebedisa tanka e entsweng ka asbestos. Ditanka tsa metsi di ka etswa ka plastiki ya polyethylene, konkreiti kapa lesenke Ditanka tsa tshepe di lokela ho aletswa kahare ka ho tshwanang le PVC kapa polyethylene. Ditanka tsa metsi tsa plastiki di theko e bonolo, ha tsa samente/konkreiti tsona di le theko e boima empa di boloka metsi a phodile.

O ka ba le tanka e nngwe bakeng sa ho boloka metsi a phophomang hang ha metsi ka tankeng ya pele a fihlile boemong bo itseng. Ebang ho sebediswa metsi a tswang tankeng bakeng sa ho nwa, a bediswe pele. Metsi hape a lokela ho sefuwa le ho tshelwa bleach. Bafuputsi ba Komishini ya diphuputso tsa metsi ba kgothaletsa ¼ ya senwelo ya bleach metsing a dilitara tse 5 000.

Notlela pompo ya tanka ho thibela batho ho finyella tanka ya metsi. Thibela mang kapa mang ho hlwella tankeng ya metsi, e se re a tshoha a wela ebile a nwela.

Translated by Maletsatsi Sejake