Black Stork
Mokota Tsie a motsho

© Nigel J Dennis
Black Stork.

Lebitso

Mokota Tsie a motsho (Ciconia nigra)

Dijo

Diphoofotswana, dihahabi, kgaketla ya tlhapi le dikokonyana di qetella mofuta wa dijo, Empa tlhapi e ratwa haholo.

Tswalo

Ledinyane la yona le apesitswe ke bosweu fatshe e nale molomu bosehla ka bosehla boileng mmaleng wa lamunu. Boholo ba tsona di bolelele bo lekanang, tse qotsang kappa ha di kula di ba kgutswane. Ka nako e nngwe tse nyane di hloka matla di shwe mme ha hole jwalo di lahlelwa kantle ho sehlaha. Ha di qeta ho hlaha ha dina matla mme ha di kgone ho dula hantle. Ka nako ena di mafiba, di lerata, di mabifi, haholo ha motho a atamela sehlaheng. Masibi a tsona a hola hantle ha di na le matsatsi a 46-50 mme di ya tiya, ntle le hore di botsho bo sootho, ha di kganye, mme maoto a tsona a matala le bokgubedu. Di tlohela sehlaha ha di na le matsatsi a 60-66.
Ledinyane le le leng le hodiswa selemong. Kgetlo la pele motswadi o beya dijo molomong wa lesea, ha nako e ntse tsamaya e tsamaya di e inkela dijo molong ya tse kgolo le sehlaheng. Dijo tsa yona di fapane: ditlhapi tse nyane, sengqangqane, mokgodutswane, ditweba, dinonyana (haholo tse qotsetsang fatshe), dikokonyana tse phelang metsing tse sikong di hola ho lekaneng. Tse nyane di ja haholo dikgetla tsa dikgofu tsa lewatle, dikokonyana tse kgolo tsa jwang haholo dimela tsa metsi.

Ho falla

Di fofela Borwa ka kgwedi ya Phato.

Bodulo

Ha di Tshwane le Mekota Tsie e mesweu, e leng nonyana e tswang dinaheng le ho feta, Mokota Tsie o motsho o ka hodimo ho tseding morung. E iphelala morung o thotseng moo sehla sa yona se dulang hodimo sefateng, hangata haufi le moo ho bulehile ho fumana tikoloho e lekaneng. Ho tsoma ha tsona ho itshetlehile ho melapo le dinoka, mekgwabong ya matangwana le makgulo a nang le meroho. Balekane ba dula bale arohane ka bonyane dikilomitara tse itseng ho e nngwe.

Moo di fumanehang

Dikarolo tse borwa ba Afrika, le Europa.